Feta

Ho Pakela Masinti le Maroma a Germany

Ho Pakela Masinti le Maroma a Germany

Ho na le Masinti le Maroma a dikete a dulang Germany. * Morao tjena, Dipaki tsa Jehova di ile tsa hatisa dingolwa tse theilweng Bibeleng jwalo ka dipampitshana, dibukana le divideo ka puo ya bona e leng Seromany. *

Nakong ya phuthuho ena e ikgethang ka September le October 2016, Dipaki tsa Jehova di ile tsa etsa boiteko ba ho arolelana ditaba tse molemo le Masinti le Maroma ka puo ya Seromany ditoropong tse fapaneng tsa Germany, tse akaralletsang Berlin, Bremerhaven, Freiburg, Hamburg, le Heidelberg. Ba ile ba ba ba hlophisetsa hore ho tshwarwe diboka ka puo ya Seromany Diholong Tsa Mmuso.

Seo re Neng re sa se Lebella

Masinti le Maroma a mangata a ne a thabetse letsholo lena la Dipaki Tsa Jehova. Banyalani ba bang ba neng ba nkile karolo letsholong lena, e leng Andre le Esther ba ile ba re: “Batho ba ne ba thabetse hore e be re entse boiteko ba ho ba finyella ka ditaba tse molemo.” Ba bangata ba ne ba amehile dipelo ha ba bala le ho utlwa molaetsa wa Bibele ka puo ya bona. Motjha e mong ya ileng a shebella video ya Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? Ka ho phetapheta a maketse o ile a re: “Kannete ena ke puo ya ka!”

Monna e mong wa paki ya Jehova, ya neng a le letsholong le neng le le toropong ya Hamburg o re: “Nna le mosadi wa ka re ne re le sehlopheng sa Dipaki tse robedi tse neng di etetse sebaka seo ho dulang Masinti le Maroma a ka bang 400. Motho e mong le e mong eo re neng re kopana le yena o ne a batla sengolwa.”Bettina eo e neng e le moithaopi letsholong leo la Hamburg o re: “Batho bang ba ne ba bile ba lla ha ba bona hore Dipaki Tsa Jehova di na le dingolwa ka puo ya Seromany.” Hanghang ba bang ba ile ba qala ho bala dingolwa tseo le ho nka tse eketsehileng bakeng sa metswalle ya bona.

Masinti le Maroma a mang a ile a amohela sememo sa ho ya dibokeng. Batho ba bangata ho ba 94 ba ne ba qala ho ya dibokeng tse neng di tshwaretswe Holong ya Mmuso e Hamburg. Batho ba ka bang 123 ba ile ba ya dibokeng tse neng di tshwaretswe Reilingen haufi le Heidelberg. Ka mora moo, batho ba bahlano ba buang Seromany ba ile ba kopa ho kgannelwa thuto ya Bibele ya lehae.

Letsholong leo, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa tsamaisa dipampitshana le dibukana tse ka bang 3 000. Di ile tsa buisana le Masinti le Maroma a fetang 360, mme batho ba 19 ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Ba bang ba ile ba re, “Ho a thabisa ho bona hore Modimo o batla re mo tsebe.”

^ par. 2 Masinti a hlaloswa e le sehlopha se se nyenyane se dulang Bophirima le Bohareng ba Europe, Maroma le ona ke sehlopha se se nyenyane se tswang Botjhabela le Borwabotjhabela ba Europe.

^ par. 2 Buka ya Encyclopædia Britannica e Inthaneteng e re puo ya Seromany e entswe ka dipuo tse fetang 60. E le hore re utlwisise, sehloohong sena ho sebedisitswe lentswe “Seromany” e le ha ho buuwa ka puo eo Masinti le Maroma a dulang Germany a e buang.