Fetela boitsebisong

Livideo Tsa Bibele​—Lithuto Tsa Bohlokoa

Livideo tsena tse khutšoanyane li araba lipotso tsa bohlokoa tsa Bibele ebile li tsamaisana le lithuto tse hlahang bukaneng ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!

Na Molimo o na le Lebitso?

Molimo o na le litlotla tse ngata, tse kang Ea Matla ’Ohle, ’Mōpi le Morena. Empa lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng.

Mongoli oa Bibele ke Mang?

Haeba e ngotsoe ka batho, na ho nepahetse hore e bitsoe Lentsoe la Molimo? Bibele e ngotse maikutlo a mang?

Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Nepahetse?

Haeba Bibele e ngotsoe ke Molimo, e lokela ho fapana le buka leha e le efe e kileng ea ngoloa.

Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Lefatše?

Lefatše le na le lintho tse ngata tse ntle. Le sebakeng se lekaneng pakeng tsa lona le letsatsi, le sekame ka tsela e nepahetseng, le potoloha ka lebelo le loketseng. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bopa lefatše ka tsela e hlollang tjee?

Bafu ba Hokae?

Bibele e re tsepisa hore bafu ba tla tsoha joalokaha Lazaro le eena a ile a tsoha.

Na ho ne ho Hlokahala Hore Jesu a re Shoele?

Bibele e hlalosa bohlokoa ba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re shoela? Na ho ne ho Hlokahala Hore Jesu a re Shoele?

’Muso oa Molimo ke Eng?

Jesu o rutile ka ’Muso oa Molimo ho feta eng kapa eng. Haesale ka lilemo-lemo balateli ba hae ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle.

Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Mathata?

Bibele e na le likarabo tse khotsofatsang le tse tšelisang.

Na Molimo o Amohela Malumeli ’Ohle?

Batho ba bangata ba lumela hore ha ho tsotellehe hore na motho o khetha bolumeli bofe.

Na Molimo o Mamela Lithapelo Tsohle?

Na Molimo a ka mamela haeba motho a rapela ka lebaka la ho icheba boeena feela? Na a ka araba thapelo ea monna ea tšoarang mosali oa hae hampe?