Fetela boitsebisong

Khutsufatso ea Bibele

Khutsufatso ea Bibele

Bibele ke buka e fumanehang ka ho fetisisa lefatšeng lohle ’me batho ba bangata baa e ananela. Empa u ka ’na oa ipotsa hore na buka ena e tsebahalang e bua ka eng.

Bukana ea Bibele​—e na le Molaetsa Ofe? E na le khutsufatso ea Bibele e ka u thusang hore u utloisise hore na Bibele e bua ka eng. Bukana ena e na le kakaretso ea Bibele ho tloha bukeng ea Genese ha e bua ka popo ho ea bukeng ea Tšenolo e buang ka tšepo ea bokamoso. Bukana ena e boetse e na le tatellano ea liketsahalo tsa bohlokoa tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng. E boetse e na le litšoantšo tse ntle le lipotso tse etsang hore motho a nahane tseo le ka buisanang ka tsona.

Bala bukana ea Bibele​—e na le Molaetsa Ofe? Inthaneteng.