Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka Tšimoloho ea Halloween?

Bibele e Re’ng ka Tšimoloho ea Halloween?

Karabo ea Bibele

Bibele ha e bue ka Halloween. Empa tšimoloho ea Halloween le meetlo e etsoang ka eona, e bontša hore mokete ona o thehiloe lithutong tsa bohata ka bafu le meea e sa bonahaleng, kapa bademona.—Sheba sehloohoana se reng  “Tšimoloho ea Halloween le meetlo ea eona.”

Bibele e ea lemosa: “Ho se ke ha e-ba le motho har’a lōna ea . . . buang le lithotsela kapa meea kapa bafu.” (Deuteronoma 18:10, 11, The Jerusalem Bible) Le hoja batho ba bang ba nka Halloween e le tsela ea ho ithabisa feela, Bibele e bontša hore lintho tse amanang le eona hase tsa papali. Ho 1 Bakorinthe 10:20, 21, Bibele e re: “Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona. Ha le ka ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa bademona.”—Bibele—Phetolelo e Ncha.

 Tšimoloho ea Halloween le meetlo ea eona

  1. Mokete oa Samhain: The World Book Encyclopedia e re Halloween e simolohile “moketeng ona oa bohetene o neng o ketekoa ke Macelt lilemong tse fetang 2 000 tse fetileng. Macelt a ne a lumela hore nakong ena, bafu ba ka tsamaea har’a ba phelang. Nakong ea mokete oa Samhain, ba phelang ba ne ba ka etelana le bafu.” Leha ho le joalo, Bibele e ruta ka ho hlaka hore bafu “ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Kahoo, ba ke ke ba buisana le ba phelang.

  2. Liaparo tsa Halloween, lipompong le ho kōpa limpho ka ho tšosa batho: Ho latela buka e bitsoang Halloween​—An American Holiday, An American History, Macelt a mang a ne a apara liaparo tse tšosang e le hore meea e sollang e nahane hore le ’ona ke meea ebe ha e a tšoenye. A mang a ne a e fa lipompong e le ho bōpa khotso le eona. Mehleng ea boholo-holo, baruti ba K’hatholike ba Europe ba ile ba amohela meetlo ea bahetene, ’me ba lumella balateli ba bona ho ea ka ntlo le ntlo ba ikhakantse ha ba ntse ba kōpa limpho. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re borapeli ba Molimo ha boa lokela ho kopanngoa le meetlo ea bolumeli ba bohata.​—2 Bakorinthe 6:17.

  3. Lithotsela, linoa-mali, baloi le lipōkō: Ke khale lintho tsena li amahanngoa le meea e litšila. (Halloween Trivia) Bibele e bolela ka ho hlaka hore re lokela ho hanyetsa meea e khopo, eseng re e etsetse mekete.​—Baefese 6:12.

  4. Mekopu ea Halloween: Brithani ea boholo-boholo, “batho ba ne ba ea ka ntlo le ntlo ba kōpa lijo ebe ka mor’a moo ba rapella bafu,” ’me ba tsamaea ba tšoere “likotoloana tsa rapa tse phuntsoeng masoba, ka hare ba kentse likerese tse emelang meea e pelekatoring.” (Halloween​—From Pagan Ritual to Party Night) Ba bang ba re likerese tseo li ne li sebelisetsoa ho leleka meea e litšila. Lilemong tsa bo-1800, batho ba Amerika Leboea ba ile ba qala ho sebelisa mokopu ho e-na le rapa, hobane o ne o fumaneha ka bongata ebile o fateha habonolo. Thuto ea ho se shoe ha moea, pelekatori le ho rapella bafu eo ho thoeng moetlo ona o thehiloe ho eona, ha e ea thehoa Bibeleng.​—Ezekiele 18:4.