Fetela boitsebisong

Na Diabolose ke Motho oa Sebele?

Na Diabolose ke Motho oa Sebele?

Karabo ea Bibele

E, Diabolose ke motho oa sebele. Ke “’musi oa lefatše,” sebōpuoa sa moea se ileng sa ba khopo ’me sa fetohela Molimo. (Johanne 14:30; Baefese 6:11, 12) Bibele e bontša botho ba Diabolose ka mabitso ana a mo hlalosang:

Ha se bobe bo ka har’a motho kapa bokhopo

Batho ba bang ba nahana hore Satane Diabolose empa e le bobe kapa bokhopo bo ka hare ho batho. Leha ho le joalo, Bibele e tlaleha puisano e ileng ea e-ba teng pakeng tsa Molimo le Satane. Molimo o phethahetse, kahoo, e ne e ke ke ea e-ba o ne a buisana le karolo e khopo e ka hare ho eena. (Deuteronoma 32:4; Jobo 2:1-6) Ka tsela e tšoanang, Satane o ile a leka Jesu, ea se nang sebe. (Matheu 4:8-10; 1 Johanne 3:5) Kahoo, Bibele e ea bontša hore Diabolose ke motho oa sebele, hase feela bokhopo bo ka ho motho.

Na re lokela ho makatsoa ke hore ebe batho ba bangata ha ba lumele hore Diabolose ke motho oa sebele? Che, hobane Bibele e re Satane o sebelisa maqiti ho finyella merero ea hae. (2 Bathesalonika 2:9, 10) Le leng la maqiti a hae a ka sehloohong e bile ho etsa hore batho ba se ka ba tseba hore ke motho oa sebele.—2 Bakorinthe 4:4.

Maikutlo a mang a fosahetseng ka Diabolose

Khopolo-taba: Lucifera ke lebitso le leng la Diabolose.

’Nete: Lentsoe la Seheberu leo Libibeleng tse ling li fetoletsoeng e le “Lucifera” le bolela “ea khanyang.” (Esaia 14:12) Litemana tse ling li bontša hore lentsoe lena le bolela marena a Babylona, ao Molimo a neng a tla a tlotlolla ka lebaka la boikhohomoso. (Esaia 14:4, 13-20) Poleloana “ea khanyang” e ne e sebelisetsoa ho phoqa marena a Babylona ka mor’a hore a lihuoe.

Khopolo-taba: Molimo o sebelisa Satane ho ahlola batho.

’Nete: Diabolose ke sera sa Molimo, eseng mosebeletsi oa hae. Satane Diabolose o hanyetsa le ho qosa ka bohata batho ba sebeletsang Molimo.​—1 Petrose 5:8; Tšenolo 12:10.