Fetela boitsebisong

Khotso ea Lefatše—Ke Hobane’ng ha e sa Finyelloe?

Khotso ea Lefatše—Ke Hobane’ng ha e sa Finyelloe?

Karabo ea Bibele

Boiteko ba batho ba ho tlisa khotso lefatšeng bo hlōlehile ebile bo tla ʼne bo hlōlehe ka mabaka a ’maloa:

  • “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Batho ha baa bōptjoa ba e-na le matla kapa tokelo ea ho ipusa, kahoo ba ke ke ba finyella khotso e sa feleng.

  • “U se ke ua tšepa baeta-pele ba batho, ha ho motho ea ka u pholosang. Ha ba e-shoa, ba khutlela lerōleng; ka letsatsi lona leo, merero ea bona ea fela.” (Pesaleme ea 146:3, 4, Good News Translation) Baeta-pele ba mebuso, esita le ba nang le sepheo se setlehali, ba sitoa ho fumana tharollo e tšoarellang mathateng a bakang ntoa.

  • “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba . . . ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso.” (2 Timothea 3:1–4) Re phela “matsatsing a ho qetela” a lefatše la hona joale le khopo, nakong eo maikutlo a atileng ao batho ba nang le ’ona a etsang hore ho be thata ho bōpa khotso.

  • “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Diabolose, e leng sera sa Molimo, o lahletsoe lefatšeng ʼme o susumetsa batho hore ba amohele moea oa hae oa ho ba bohale. Hafeela e ntse e le “’musi oa lefatše lena,” re ke ke ra phela ka khotso.—Johanne 12:31.

  • “[ʼMuso oa Molimo] o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [e hanyetsang Molimo], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) ʼMuso oa Molimo, eseng ʼmuso ofe kapa ofe oa batho, ke oona o tla re tlisetsa khotso e sa feleng ea lefatše, eo re e labalabelang.—Pesaleme ea 145:16.