Fetela boitsebisong

Ho Etsahala Ntho e Ntjha Manhattan

Ho Etsahala Ntho e Ntjha Manhattan

Ka November 2011, sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa leka mokhoa o mocha oa ho paka e le hore se tloaetse batho ba Manhattan molaetsa oa Bibele ka ho khabisa litafole le li-trolley ka lingoliloeng. Ketsahalo ena e etsahala karolong e ka boroa ea Manhattan, e leng toropo e phetheselang le ea khale ka ho fetisisa Motseng oa New York.

Li arotse sebaka likarolo tse ’nè. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe e na le libaka tse ’maloa moo ho nang le tafole kapa trolley e nang le lingoliloeng tsa Bibele ’me batho ba fetang ba ka ema ebe mosebetsi oa nako e tletseng o buisana le bona. Boholo ba litafole le li-trolley tsena li ka fumanoa haufi kapa moo ho palameloang teng e leng moo ho fetang batho ba likete tse mashome letsatsi le letsatsi.

Libakeng tsena batho ba ka arabeloa lipotso tsa bona tse ngata ka Bibele. Batho ba sa batleng ho ema ba ka inkela sengoliloeng seo ba tla ipalla sona.

Lingoliloeng li fumaneha ka lipuo tse ngata. Haeba motho a sa fumane sengoliloeng ka puo eo a e batlang a ka e odareloa ebe o e lata ka mor’a matsatsi a seng makae.

Sechaba le ba boholong ba thabetse mokhoa ona. Lepolesa le leng le ile la re: “Ke hobane’ng ha le liehile ho etsa see? Kannete le tšoere seo batho ba se hlokang.

Monna e mong o ile a ema ka tšohanyetso ha a ne a bona buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? O ile a re o kopane le batho ba tšoere buka ena ba ntse ba e bala ’me o ne a ipotsa hore na ba e nkile kae. Joale oa bona hore ba li nkile kae.

Mohlankana e mong o ne a feta litafoleng letsatsi le letsatsi ka libeke tse tšeletseng ha a ea mosebetsing. Qetellong o ile a ema a re: “Ke hloka thuso.” Ba neng ba le litafoleng moo ba ile ba mo thusa. Ba ile ba mo fa Bibele ’me ba mo bontša hore e ka mo thusa joang.

Bafeti-ka-tsela ba thahasellang ba ne ba ema ho buisana ka Bibele. Khoeling e le ’ngoe e sa tsoa feta, mokhoa ona o mocha o seng o sebelisoa Manhattan o entse hore batho ba fumane limakasine tse 3 797 le libuka tse 7 986.