Fetela boitsebisong

Na le Etsa Mosebetsi oa Boromuoa?

Na le Etsa Mosebetsi oa Boromuoa?

E, rea o etsa. Ho sa tsotellehe hore na li lula hokae, Lipaki Tsa Jehova li leka ho ba baromuoa, ka hore li lule li buisana le batho bao li kopanang le bona ka seo li se lumelang.​—Matheu 28:19, 20.

Ho feta moo, Lipaki tse ling lia eta kapa li fallela metseng e meng linaheng tseo li lulang ho tsona, moo batho ba e-s’ong ho bolelloe litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Lipaki tse ling tsona li fallela linaheng tse ling e le hore li atolose tšebeletso ea tsona. Li thabela ho kenya letsoho ho phethahatseng boprofeta boo Jesu a bo boletseng, ha a re: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”​—Liketso 1:8.

Ka 1943, re ile ra theha sekolo e le hore re koetlise baromuoa ba bang ba rōna ka ho khetheha. Ho tloha ka nako eo, Lipaki tse fetang 8 000 li se li ile sekolong sena, se tsebahalang ka hore ke Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.