Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Testamente ea Khale?

Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Testamente ea Khale?

E. Lipaki Tsa Jehova li lumela hore Bibele eohle e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo.’ (2 Timothea 3:​16) Seo se akarelletsa Testamente ea Khale le Testamente e Ncha, e leng kamoo li bitsoang kateng. Lipaki Tsa Jehova li bitsa likarolo tsena tsa Bibele Mangolo a Seheberu le Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka tsela eo, re qoba ho fana ka maikutlo a hore likarolo tse ling tsa Bibele li siiloe ke nako, kapa hase tsa bohlokoa.

Ke hobane’ng ha Bakreste ba hloka ho sebelisa Testamente ea Khale le Testamente e Ncha?

Molimo o ile a susumetsa moapostola oa Mokreste Pauluse hore a ngole, a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.” (Baroma 15:4) Kahoo, Mangolo a Seheberu a na le boitsebiso ba bohlokoa bo ka re tsoelang molemo. A boetse a re bolella ka histori ea bohlokoa le ho re fa keletso eo re ka e sebelisang.

  • Histori ea bohlokoa. Mangolo a Seheberu a re fa tlaleho e hlakileng ka pōpo le hore na batho ba ile ba oela sebeng joang. Ha re ne re se na boitsebiso boo, re ne re ke ke ra fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tse kang tsena: Re tsoa hokae? Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? (Genese 2:7, 17) Ho feta moo, Mangolo a Seheberu a na le tlaleho ea ha Jehova Molimo a sebelisana le batho ba ileng ba ba le maemo a thabisang le a nyolosetsang bophelong ba bona joaloka rōna kajeno.​—Jakobo 5:17.

  • Keletso eo re ka e sebelisang. Libuka tsa Bibele tsa Liproverbia le Moeklesia, e leng karolo ea Mongolo a Seheberu, li na le likeletso tse bohlale. Li fana ka keletso e ka u thusang hore u be le lelapa le thabileng (Liproverbia 15:17), hore u be le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi (Liproverbia 10:4; Moeklesia 4:6) le kamoo bacha ba ka bang le bophelo bo molemo nakong ea bocha ba bona (Moeklesia 11:9–​12:1).

Ho feta moo, re ka rua molemo ha re ithuta Molao oa Moshe, joalokaha o tlalehiloe ho Torah (e leng libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele). Le hoja Molao oo o sa tlame Bakreste, o na le melao-motheo ea bohlokoa e ka re thusang hore re thabe.​—Levitike 19:18; Deuteronoma 6:​5-7.