Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Tsoalo?

Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Tsoalo?

Re le Lipaki Tsa Jehova, ha re keteke matsatsi a tsoalo hobane re lumela hore mekete e joalo ha e khahlise Molimo. Le hoja ho se moo ka ho toba Bibele e buang ka hore re se ke ra keteka matsatsi a tsoalo, e re thusa ho bontša batho mabaka ka lintlha tse ka sehloohong tsa liketsahalo tsena le ho utloisisa tsela eo Molimo a li talimang ka eona. Hlokomela lintlha tsena tse ’nè le melao-motheo ea Bibele e li tšehetsang.

  1. Mekete ea matsatsi a tsoalo e simolohile boheteneng. Ho latela buka ea Funk & Wagnalls Standard Dictionary of Folklore, Mythology, and Legend, mekete ena e simolohile thutong ea hore ka letsatsi la motho la tsoalo, “meea e mebe le litšusumetso tse mpe li fumana monyetla oa ho mo hlasela” le hore “ha metsoalle e le teng ’me e mo lakaletsa lintho tse molemo, seo se tla mo sireletsa.” Buka ea The Lore of Birthdays e re mehleng ea boholo-holo, litlaleho tsa matsatsi a tsoalo li ne li “hlokahala bakeng sa ho lokisetsa ho noha bophelo ba motho ka linaleli.” Buka ena e boetse e re “likerese tsa letsatsi la tsoalo tse sebelisoang bolumeling ba boholo-holo, li na le boselamose ba ho fa motho seo a se batlang.”

    Leha ho le joalo, Bibele e nyatsa boselamose, bonohe, tšebelisano le meea kapa “lintho tse joaloka tsena.” (Deuteronoma 18:14; Bagalata 5:​19-​21) Ha e le hantle, le leng la mabaka a neng a etsa hore Molimo a nyatse motse oa Babylona ea boholo-holo ke hore baahi ba oona ba ne ba sebelisa bolepi ba linaleli, e leng mofuta o mong oa bonohe. (Esaia 47:11-​15) Lipaki Tsa Jehova ha li tšoenyehe haholo ka tšimoloho ea moetlo o mong le o mong; empa haeba Mangolo a fana ka litaelo tse tobileng tabeng eo, rea li latela.

  2. Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke matsatsi a tsoalo. Buka ea The World Book Encyclopedia e re “ba ne ba nka ho keteka letsatsi la motho la tsoalo e le moetlo oa bohetene.” Bibele e bontša hore baapostola le batho ba bang ba ileng ba rutoa ke Jesu ka ho toba, ba ile ba beha mohlala oo Bakreste bohle ba lokelang ho o latela.​—2 Bathesalonika 3:6.

  3. Ketsahalo e le ’ngoe feela eo Bakreste ba lokelang ho ikhopotsa eona ke lefu la Jesu. (Luka 22:17-​20) Sena ha sea lokela ho re makatsa kaha Bibele e re “letsatsi la ho shoa le molemo ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha motho.” (Moeklesia 7:1) Qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o ne a se a iketselitse lebitso le letle ho Molimo ’me a etsa hore letsatsi la ho shoa ha hae le be bohlokoa ho feta la ho tsoaloa ha hae.​—Baheberu 1:4.

  4. Ha ho moo Bibele e buang ka mohlanka oa Molimo ea ileng a keteka letsatsi la hae la tsoalo. Sena ha sea etsahala ka phoso hobane e bua ka mekete e ’meli ea matsatsi a tsoalo a batho ba neng ba sa sebeletse Molimo. Leha ho le joalo, liketsahalong tsena ka bobeli ho ile ha etsahala lintho tse mpe.​—Genese 40:20-​22; Mareka 6:​21-​29.

Na bana ba Lipaki ba utloa eka ba tingoa monate ha ba sa keteke matsatsi a tsoalo?

Joaloka motsoali e mong le e mong ea molemo, Lipaki li bontša bana ba tsona lerato selemo ho pota ’me sena se akarelletsa ho ba fa limpho le ho ba etsetsa limmoka tse monate. Li leka ho latela mohlala o phethahetseng oa Molimo, ea fang bana ba hae lintho tse ntle ka nako le ha e le efe. (Matheu 7:​11) Bana ba Lipaki ha ba ikutloe eka ba tingoa monate, ’me ba bang ba bona ba re:

  • “Ho thabisa le ho feta ha u fumana mpho nakong eo u neng u sa e lebella.”​—Tammy ea lilemo li 12.

  • “Le hoja ke sa fumane limpho ka letsatsi la ka la tsoalo, batsoali ba ka ba ntse ba nthekela limpho ka linako tse ling. Ke rata ha ho le joalo hobane ke fumana limpho tseo ke sa li lebella.”​—Gregory ea lilemo li 11.

  • “Na u nahana hore metsotso e leshome, likuku tse seng kae le pina li etsa phathi? Tloo heso u tla bona hore na phathi ea sebele e joang!”​—Eric ea lilemo li 6.