Binelang Jehova—Lipina Tse Ncha

Thabela lipina tse ncha tsa ho rorisa Jehova Molimo le ho mo rapela. Ikopiletse ’mino le mantsoe a lipina tsena tse monate ’me u ithute tsona.

PINA EA 136

’Muso o Hlonngoe—Ha o ke o Tle!

Pina ena e hlollang ea ’Muso e rorisa Jehova Molimo ka ho ela hloko puso ea ’Muso ea Kreste Jesu.

PINA EA 137

U re fe Sebete

Kopanela boipiletsong bona bo eang ho Jehova Molimo ba hore a re fe sebete sa ho pakela lebitso la hae re sa tšabe letho.

PINA EA 138

Lebitso la Hao ke Jehova

Rorisang lebitso le khanyang la Jehova ’me le tsebise batho bohle hore ke eena ea Phahameng ka ho Fetisisa.

PINA EA 139

Li Ruteng ho Ema li Tiile

Kōpa Jehova Molimo hore a u sireletse ’me a u thuse hore u mamelle peisong ena ea bophelo.

PINA EA 140

Bophelo ba Pula-maliboho

Bontša lerato le tšepahalang ho Jehova ’me u thabele mosebetsi o khotsofatsang le bophelo boo u bo ratang.

PINA EA 141

A re Batleng Metsoalle ea Khotso

Pina e monate, e khathollang, e bontšang kamoo re ratang batho le kamoo re chesehelang ho batla linku tsa bohlokoa tsa Molimo.

PINA EA 142

A re Pakeleng Batho ba Mefuta Eohle

A re bineng ka molemo oa Jehova le ka karolo eo re e phethang ho amohela batho ba mefuta eohle hore e be metsoalle ea Molimo.

PINA EA 143

Leseli Lefatšeng le Lefifing

Molaetsa oa rōna o khanya haholo lefifing.

PINA EA 144

Ba Tla Phela

Re lokela ho bolela molaetsa oa Molimo ha nako e sa ntse e le teng.

PINA EA 145

Re Itokisetse ho Bolela

Ho ka ba bonolo hore re itulele hae, empa re ka fumana matla a ho atleha.

PINA EA 146

Le se Etselitse ’Na

Jesu o talima ketso leha e le efe ea lerato le thuso e etsetsoang barab’abo ba tlotsitsoeng, e etsetsoa eena.

PINA EA 147

Letlotlo le Khethehileng

Jehova o ananela bara ba hae ba tlotsitsoeng ka moea ’me ba rata ho etsa thato ea hae.

PINA EA 148

U Fane ka Mor’a Hao ea Tsoetsoeng a le Mong

Leboha Jehova ka mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea fanoa. E fana ka tšepo ho batho bohle.

PINA EA 149

Rea Leboha ka Thekollo

Ketso e khōlō ka ho fetisisa ea lerato e kileng ea bontšoa, sehlabelo sa Jesu se entsoeng ka ho rata, se re fa lebaka la ho leboha Jehova ka ho sa feleng.

PINA EA 150

A re Ikitlaetseng

Bontša hore u thabela ho sebeletsa Jehova ka tsela leha e le efe eo a batlang ho u sebelisa ka eona.

PINA EA 151

Ho Senoloa ha Bara ba Molimo

Re tatetse nako eo ka eona Jehova a tlang ho tsosetsa bara bohle babo Jesu leholimong ’me ba buse le eena.

PINA EA 152

Matla, Tšepo le Kholiseho ea Rōna

Ha matšoenyeho a bophelo a re tšosa, Molimo e ka ba matla, tšepo le kholiseho ea rōna.

PINA EA 153

U Utloa ho le Joang?

U utloa ho le joang ha u bua le motho ea pelo e ntle?

PINA EA 154

Re Tla ’ne re Mamelle

Pina e re thusang ho mamella liteko le ho re thusa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi kamehla eohle.