Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 63

Re Lipaki Tsa Jehova

Re Lipaki Tsa Jehova

(Esaia 43:10-​12)

  1. 1. Ba rorisa litšoantšo,

    Ha ba tsebe Jehova.

    Ke ea Matla ’Ohle,

    Le ea holimo.

    Melimo e rapeloang

    Ha e tsebe ntho tse tlang.

    Ke kahoo e se nang lipaki.

    Ha se melimo ea ’nete.

    (K’HORASE)

    Re pakela Jehova

    ’Me re Lipaki tsa hae.

    Ke eena Molimo oa ’nete.

    O re bolella ’nete.

  2. 2. Re bolela ka ’Mopi,

    Le ka botumo ba hae.

    Re ruta ka ’Muso

    Re le sebete.

    Re thusa batho ka ho

    Ba ruta Lentsoe la Jah,

    Hore ba tle ba mo rorise

    Ka lipina tsa thoriso.

    (K’HORASE)

    Re pakela Jehova

    ’Me re Lipaki tsa hae.

    Ke eena Molimo oa ’nete.

    O re bolella ’nete.

  3. 3. Re rorisa Jehova

    Haeba re mo pakela,

    Re lemosa batho

    Ba mo nyefolang.

    Jah o tla ba tšoarela

    Haeba feela ba baka.

    Rea thaba ha re ruta batho.

    Re tla hlohonolofatsoa.

    (K’HORASE)

    Re pakela Jehova

    ’Me re Lipaki tsa hae.

    Ke eena Molimo oa ’nete.

    O re bolella ’nete.