Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 19

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

(Matheu 26:26-​30)

  1. 1. Jehova Ntate’a leholimong,

    Ke bosiu bo halalelang.

    U ile oa bontša hore u lerato,

    U na le toka le matla.

    Konyan’a Paseka ea thusa

    Batho ba hao, ba pholoha.

    Hamorao Mora oa hao o ile a shoa,

    A phethahatsa boprofeta.

  2. 2. Bohobe le veine ke tsena,

    Li re hopotsa Mor’a hao.

    O ile a mamela ka nako tsohle,

    Leha ho ne ho le thata.

    Re tšoara Sehopotso sena.

    Ke nako ea ho hopola

    Kamoo lefu la Jesu

    le lopolotseng

    Batho bohle lefung le sebeng.

  3. 3. Re bokane mona pel’a hao.

    Re tletse ho tla’u rorisa.

    Rea u leboha kaha

    u re ratile,

    U fane ka mora oa hao.

    Re ikutloa re matlafetse

    Ka baka la Sehopotso.

    Kamehla re tla etsisa Jesu ’me re

    Tle re phele ka ho sa feleng.