Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 130

Tšoarelanang

Tšoarelanang

(Pesaleme ea 86:5)

  1. 1. Jehova o ile

    A tela mora oa hae

    Hore re tšoareloe libe,

    le lefu le felisoe.

    Ha re hlile re bakile,

    O tla re hauhela.

    Kaha Kreste o re shoetse,

    Re ka tšoareloa libe.

  2. 2. O tla re hauhela

    Haeba re mo etsisa

    ’Me re tšoarelana bohle,

    Re bile re ratana.

    Re mamellaneng kaofela

    ‘Me re se khopisane.

    Re hlomphe Bakreste-’moho,

    Re ba rate haholo.

  3. 3. A re beng le mohau

    Hobane o bohlokoa.

    Ha re na halefelana

    Le hona ho hloeana.

    Ha re etsisa Jehova

    Ea re ratang haholo,

    Le rona re tla ratana

    Re be re tšoarelane.