Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na bophelo boo ke bona phetho?

Na ka linako tse ling u ee u bone eka bophelo bo bokhutšoaane?

Na leeto la bophelo ke hore feela motho e be ngoana, a sebetse, a nyale, a be le lelapa ’me qetellong a tsofale? (Jobo 14:1, 2) Bibele e re esita le batho ba bohlale haholo ba ’nile ba ipotsa potso ena.—Bala Moeklesia 2:11.

Ha e le hantle re phelela’ng? Ntho ea pele, re lokela ho ipotsa hore na bophelo bo qalile joang. Ka mor’a hore batho ba bangata ba ithute ka tsela e hlollang eo boko le ’mele oa motho o entsoeng ka eona, ba ile ba fihlela qeto ea hore re entsoe ke ’Mōpi ea bohlale. (Bala Pesaleme ea 139:14.) Haeba ho joalo, e tlameha ebe o re entse ka sepheo le morero! Ho tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a bōpile batho ho ka etsa hore re thabele bophelo.

Ke hobane’ng ha Molimo a bōpile batho?

Molimo o ile a hlohonolofatsa banyalani ba pele ’me a ba fa mosebetsi o thabisang. Morero oa hae e ne e le hore ba be le bana, ba etse lefatše paradeise ’me ba phele ka ho sa feleng.—Bala Genese 1:28, 31.

Ka masoabi, batho ba ile ba fetohela Molimo ’me seo sa etsa hore morero oa hae o liehe ho phethahala. Leha ho le joalo, Molimo ha aa ka a re tela ebile ha aa ka a fetola morero oa hae. Bibele ea re tiisetsa hore Molimo o ’nile a sebetsa ka thata ho pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang e le hore morero oa hae ka lefatše o phethahale! Kahoo Molimo o batla hore u tle u phele ka tsela eo a neng a rerile hore batho ba phele ka eona qalong! (Bala Pesaleme ea 37:29.) Ithute Bibele e le hore u bone hore na u ka rua molemo joang morerong oa Molimo.