Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Bophelo ba ka bo ne bo Ntse bo Mpefala

Bophelo ba ka bo ne bo Ntse bo Mpefala
  • KE HLAHILE KA: 1952

  • NAHA EA HESO: UNITED STATES

  • PELE: KE NE KE LE MABIFI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse Los Angeles, California, U.S.A., moo ho nang le likenke ’me ho tletse lithethefatsi. Lapeng heso re bana ba tšeletseng ’me ’na ke oa bobeli.

Re ne re kena kereke ea evangeli. Leha ho le joalo, ha ke sa le mocha ke ne ke phela bophelo ba boikaketsi. Ka Sontaha ke ne ke bina k’hoaereng ea kereke. Har’a beke teng, ke ea liphathing, ke lemaletse lithethefatsi ke bile ke kopanela boitšoarong bo bobe.

Ke ne ke le sefela-peloana ke bile ke le mabifi. Ke ne ke loana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke kopanang le eona. Seo ke ithutileng sona kerekeng se ne se sa ntsoele molemo. Ke ne ke atisa ho re, “Phetetso ke ea Morena—’me ’na ke lehlahana la hae!” Ha ke le sekolong se phahameng ho ella qetellong ea bo-1960, ke ile ka khahloa ke sehlopha sa lipolotiki se bitsoang Black Panthers, se tsebahalang ka ho loanela litokelo tsa botho. Eaba ke ba setho sa mokhatlo oa liithuti tse loanelang litokelo tsa botho. Re ne re ee re etse mekoloko ea boipelaetso e neng e etsa hore sekolo se koaloe.

Leha ho le joalo, mekoloko eo e ne e sa mphe monyetla oa ho phetha merero ea ka hantle. Kahoo ke ile ka qala ho loantša makhooa. Ka mohlala, nako le nako ’na le metsoalle ea ka re ne re shebella libaesekopo tse bontšang makhoba a Maafrika a sotloang United States. Kaha ho hloka toka ho joalo ho ne ho re utloisa bohloko, re ne re hlasela bacha ba makhooa hona moo baesekopong. Ebe re ea libakeng tsa makhooa re il’o a loantša.

Ha ke habile ho ba lilemo li 20, ’na le barab’eso re ne re se re le likebekoa. Re ne re lula re batloa ke mapolesa. Moen’a ka e mong e ne e le setho sa kenke e tummeng hampe, eaba le ’na kea e kenela. Bophelo ba ka bo ne bo ntse bo mpefala.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Batsoali ba motsoalle e mong oa ka e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba ’memela libokeng ’me ka ea. Li sa tloha feela, ke ile ka bona hore Lipaki lia ikhetha. Kaofela ba ne ba tšoere Libibele ’me ba li phetla. Le bacha ba ne ba fana ka lipuo sebokeng seo! Ke ile ka thaba ha ke utloa hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova, ’me ka thabela ho utloa le sebelisoa. (Pesaleme ea 83:18) Phutheho eo e ne e le ea merabe e mengata, empa ho ne ho totobetse hore ha e khethollane.

Qalong, ke ne ke sa batle ho ithuta Bibele le Lipaki, empa ke rata ho ea libokeng tsa tsona. Mantsiboeeng a mang ha ke le sebokeng sa Lipaki, metsoalle e meng ea ka e ile ea ea konsareteng. Ha ba le moo, ba ile ba otla mocha e mong ba ba ba mo bolaea ba mo tsekisa baki ea hae ea letlalo. Letsatsing le latelang, ba ile ba ithorisa ka seo. Ho ne ho bonahala hore ba nka tlōlo eo ea molao hasesaane ha ba le khotla. Boholo ba bona ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng bophelo bohle. Ha ho potang hore ke ne ke thabile haholo hore ebe ke ne ke sa tsamaea le bona bosiung boo. Ke ile ka etsa qeto ea ho fetola bophelo ba ka ’me ke ithute Bibele.

Kaha ke ne ke e-na le bothata bo tebileng ba khethollo ea morabe, ke ne ke hlolloa ha ke le har’a Lipaki. Ka mohlala, ha Paki ea lekhooa e nka leeto, e ile ea siea bana ba eona ha Lipaki tsa batho ba batšo. Hape lelapa le leng la Lipaki tsa makhooa le ile la lula le mocha oa motho e motšo ea neng a hloka bolulo. Seo se ile sa nkholisa hore Lipaki Tsa Jehova li phela tumellanong le mantsoe a Jesu a ho Johanne 13:35 a reng: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” Ke ile ka bona hore ruri ke fumane borapeli ba ’nete.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola boikutlo ba ka. Ke ne ke lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona kaha ho phela ka khotso le batho ba bang ke tsela e molemo ka ho fetisisa. (Baroma 12:2) Ke ile ka etsa liphetoho butle-butle. Ka kolobetsoa ka January 1974 ’me ka ba Paki ea Jehova.

Ke ne ke lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona kaha ho phela ka khotso le batho ba bang ke tsela e molemo ka ho fetisisa

Leha ho le joalo, le ka mor’a hore ke kolobetsoe ke ne ke ntse ke lokela ho loantšana le tšekamelo ea ho ba mabifi. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha ke ntse ke ruta batho Bibele, ke ile ka lelekisa lesholu le neng le qeta ho utsoa radio ea koloi ea ka. Ha ke atamela, le ile la e lahla eaba lea baleha. Ha ke ntse ke phetela bao ke neng ke sebetsa le bona se etsahetseng, moholo e mong eo re neng re e-na le eena o ile a mpotsa a re, “Stephen, u ka be u ile ua etsa’ng hoja ua le tšoara?” Potso eo e ile ea ntlhokomelisa hore ke lokela ho ikitlaelletsa ho ba le khotso.

Ka October 1974, ke ile ka qala ho ruta batho Bibele kamehla ’me ke qeta lihora tse 100 ka khoeli. Hamorao, ka ba le tlotla ea ho ba e mong oa baithaopi ba sebetsang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Ka 1978, ke ile ka khutlela Los Angeles ho ea hlokomela ’Mè hobane o ne a kula. Ka mor’a lilemo tse peli, ka nyala Aarhonda eo ke mo ratang haholo. O ile a ntšehetsa ha re ntse re hlokomela ’Mè ho fihlela a hlokahala. Ka mor’a nako, ’na le Aarhonda re ile ra ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower eaba re isoa Panama, moo re ntseng re le baromuoa teng.

Esale ke kolobetsoa, ke ile ka thulana le liteko tse ’maloa tse neng li batla hore ke be mabifi. Ke leka ho sebetsana le boemo bona ka ho baleha batho ba lekang ho nqholotsa kapa ka ho ba tlosa ntlheng eo ka bohlale. Batho ba bangata, ho akarelletsa le mosali oa ka ba ’nile ba mpabatsa ka hore ke se ke khona ho laola bohale. Le ’na ha ke lumele hore ke se ke fetohile hakana! Ha kea etsa liphetoho tsena ka matla a ka. Ho e-na le hoo, ke lumela hore sena se bontša hore Bibele e na le matla a ho fetola batho.—Baheberu 4:12.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Bibele e entse hore bophelo ba ka bo be le morero ea ba ea nthuta ho bōpa khotso. Ha ke sa otla batho; ho e-na le hoo ke ba thusa ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ke ile ka ba ka ithuta Bibele le motho eo e neng e le sera sa ka ha ke sa le sekolong se phahameng! Ha a se a kolobelitsoe re ile ra lula ’moho ka nakoana. Re ntse re le metsoalle ea hlooho ea khomo le kajeno. Hona joale, ’na le mosali oa ka re ithutile Bibele le batho ba fetang 80 ’me e se e le Lipaki Tsa Jehova.

Ke leboha Jehova haholo ha a nthusitse hore bophelo ba ka bo be le morero le hore ke be har’a barapeli ba hae ba thabileng.