Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Mahlo a Jairo a mo Thusa ho Sebeletsa Molimo

Mahlo a Jairo a mo Thusa ho Sebeletsa Molimo

Nahana u se u sa khone ho laola litho tsohle tsa ’mele oa hao haese mahlo feela. Moholoane oa ka Jairo o na le bothata boo. Leha ho le joalo, o thabela bophelo. Pele ke bolela hore na ke hobane’ng ha a thabela bophelo, a nke ke le bolelle pale ea hae.

Jairo o tsoetsoe a e-na le bothata ba boko bo bitsoang spastic quadriplegia. * Kahoo, ha a khone ho laola boholo ba litho tsa ’mele oa hae. Boko ba hae ha bo khone ho laola mesifa, ka hona matsoho a hae le maoto a soenetseha ka tsela e sa laoleheng. Ka linako tse ling ho soenetseha hona ho etsa hore a itematse. A ka boela a lematsa le batho ba pel’a hae haeba ba sa lemohe. Ka masoabi, matsoho a hae le maoto a lokela ho lula a tlameletsoe setulong sa likooa e le hore a se ke a itematsa kapa a lematsa batho ba bang.

O HŌLA HABOHLOKO

Jairo o hōtse a opeloa haholo. Ho tloha ha a le likhoeli li tharo o ile a ba le bothata ba ho tsietsana le ho akheha. ’Mè o ne a ee a mo potlakisetse sepetlele a nahana hore o hlokahetse.

Ka lebaka la ho satalla le ho thakhinya, qetellong masapo a hae a ile a holofala. Ha a le lilemo li 16, o ile a nonyetseha noka, kahoo a etsoa opereishene seropeng, qholong le nokeng. Ke sa hopola kamoo a neng a lla habohloko kateng ha a opeloa bosiu ka mor’a opereishene eo.

Ka lebaka la bokooa ba hae, Jairo oa jesoa, oa apesoa ebile o thusoa ho hloella betheng. Batsoali ba ka ke bona ba mo etsetsang lintho tsena. Le hoja ba lula ba mo hlokomela, kamehla baa mo hopotsa hore bophelo bo tsoa ho Molimo.

RE FUMANA TSELA EA HO BUISANA LE EENA

Batsoali ba rōna ke Lipaki Tsa Jehova, ’me ba ’nile ba balla Jairo lipale tsa Bibele ho tloha e sa le lesea. Ba ne ba tseba hore ntho e ka etsang hore motho a thabele bophelo ke ho ba le kamano e ntle le Molimo. Le hoja Jairo a e-na le bokooa, o na le tšepo ea bokamoso bo khanyang. Empa ba ne ba ipotsa hore na Jairo o utloisisa seo ba mo ballang sona Bibeleng.

Ka letsatsi le leng ha Jairo a sa le monyenyane, Ntate o ile a re, “Jairo, ke kōpa u bue le ’na.” O ile a phaella ka ho re, “Haeba u hlile ua nthata, u tla bua le ’na!” Meokho e ile ea keleketla mahlong a Jairo ha Ntate a cho joalo. Le hoja a ile a leka ho bua, o ile a hlōleha eaba o hoeleketsa feela. Ntate o ile a ikutloela bohloko ka ho mo llisa. Empa seo se ile sa bontša hore Jairo o ne a utloa hore na Ntate o re’ng. Empa bothata e ne e le hore ha a khone ho bua.

Batsoali ba rōna ba ile ba hlokomela hore Jairo o tsamaisa mahlo ha a leka ho bua. Jairo o ne a ferekana ha batho ba sa utloisise hore na o leka ho re’ng. Empa ha batsoali ba rōna ba utloisisa seo Jairo a se batlang ha a tsamaisa mahlo ebe ba mo fa sona, o ne a bososela. E ne e le tsela eo ka eona a ba bolellang hore oa leboha.

Ngaka e thusang batho ba nang le bothata ba puo e ile ea re khothalletsa hore re phahamise matsoho ha re mo botsa potso. Ha a sheba letsoho le letona oa lumela, ’me ha a sheba le letšehali oa hana. Kahoo, re ne re tla tseba hore na oa lumela kapa oa hana ho latela letsoho leo a le shebileng.

JAIRO O NKA BOHATO BA BOHLOKOA

Lipaki Tsa Jehova li tšoara likopano hararo ka selemo, e leng moo batho ba bangata ba bokanang ho tla mamela lipuo tse thehiloeng Bibeleng. Kamehla Jairo o ne a thabela ho mamela puo ea kolobetso. Ha Jairo a le lilemo li 16, Ntate o ile a mo botsa a re, “Na u batla ho kolobetsoa?” Hang feela o ile a sheba letsoho la Ntate le letona, e leng se bontšang hore o batla ho kolobetsoa. Ntate o ile a mo botsa a re, “Na u entse thapelo ua bolella Molimo hore u tla mo sebeletsa ho-ea-ho-ile?” Le lekhetlong lena Jairo o ile a sheba letsoho le letona. Ho ile ha hlaka hore o inehetse ho Jehova.

Ka mor’a hore ho buisanoe le eena ka Bibele ka makhetlo a ’maloa, ho ile ha totobala hore Jairo o utloisisa bohlokoa ba ho kolobetsoa. Kahoo, ka 2004, o ile a araba potso ea bohlokoa ka ho fetisisa ho tseo a kileng a li botsoa, e leng e reng, “Na u inehetse ho Molimo hore u etse thato ea hae?” Jairo o ile araba potso eo ka hore a shebe holimo. E ne e le tsela ea hae ea ho lumela. Ka hona, ha a le lilemo li 17, o ile a kolobetsoa hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

O TSEPAMISITSE MAHLO TŠEBELETSONG EA MOLIMO

Ka 2011, Jairo o ile a fumana sesebelisoa se secha se tla mo thusa ho buisana le batho, e leng k’homphieutha e laoloang ka mahlo. K’homphieutha eo e laoloa ke thaka ea leihlo. Ha a panya kapa a tsamaisa mahlo, ho tšoana le ha motho a penya mouse k’homphieutheng e tloaelehileng. K’homphieutha eo e na le lenaneo le ikhethang le thusang Jairo ho ngola. Ha a panya, lenaneo le leng la k’homphieutha le fetola molaetsa oo a o ngotseng hore ebe molumo.

Ha Jairo a ntse a utloisisa Bibele haholoanyane, o ile a ba le tabatabelo ea ho ruta ba bang Bibele. Hangata nakong ea borapeli ba lelapa ba Bibele, oa ncheba ebe o sheba k’homphieutha ea hae. Eo ke tsela ea ho mpolella hore ke ngole lintlha tseo a tla fana ka tsona libokeng tsa phutheho.

Ha a le libokeng, ka mamello o batla karabo ea hae k’homphieutheng, ebe k’homphieutha ea bua. Hlathe e lelekisa tsebe ha a khothatsa ba bang ka tsela ena. Alex e monyenyane e leng motsoalle oa Jairo o re, “Kea thaba ha ke utloa Jairo a fana ka karabo e thehiloeng Bibeleng.”

Jairo o sebelisa k’homphieutha ea hae e laoloang ka mahlo ho araba libokeng hammoho le ho bolella ba bang seo a se lumelang

Jairo o boetse o sebelisa mahlo ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho hlahisa setšoantšo se bontšang serapa se nang le liphoofolo le batho ba merabe eohle ba phela ka khotso. Ha a hlahisa setšoantšo sena, k’homphieutha ea hae ea bua e re, “Lengolong la Tšenolo 21:4 ho na le tšepiso ea hore lefatše e tla ba paradeise, ’me batho ha ba sa tla kula ebile ha ba sa tla shoa.” Haeba motho eo a buisanang le eena a thabela molaetsa oo, o sheba konopo e ’ngoe ebe k’homphieutha ea bua e re, “Na u ka rata ho ithuta Bibele le ’na?” Hoa thabisa hore ebe ntate-moholo oa rōna o ile a lumela ho ithuta le eena. Kea hlolloa ha ke bona Jairo a ruta monna-moholo Bibele a thusoa ke Paki e ’ngoe! Ho thabisang le ho feta ke hore Ntate-moholo o kolobelitsoe kopanong ea lebatooa Madrid ka August 2014.

Matichere a sekolo seo Jairo a se kenang a hlokomela kamoo a ratang Molimo kateng. Rosario, e leng e mong oa matichere a mo rutang ho bua o ile a re: “Haeba ke ne nka batla ho kena kereke, ke ne ke tla ba Paki ea Jehova. Ke bone kamoo tumelo ea Jairo e mo thusitseng ho thabela bophelo le hoja a e-na le bokooa.”

Kamehla Jairo oa bososela ha ke mo balla tšepiso e ka Bibeleng e reng: “Ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 35:6) Le hoja ka linako tse ling a nyahama, boholo ba nako o thabile. Lebaka ke hore eena le metsoalle ea hae ea Bakreste ba lula ba sebeletsa Molimo. Tsela eo Jairo a thabelang bophelo ka eona hammoho le tumelo ea hae e matla, ke bopaki ba hore ho sebeletsa Jehova ho ka etsa hore motho a thabele bophelo ho sa tsotellehe mathata.

^ ser. 5 Bothata bona ba boko bo bitsoang Cerebral palsy (CP) ke bona boo hangata bo amahanngoang le bothata ba ho laola litho tsa ’mele. Bo ka boela ba etsa hore motho a tsietsane, a se ke a ja hantle le hore a be le bothata ba ho bua. Ha bothata boo bo se bo jele setsi bo bitsoa Spastic quadriplegia ’me bo ka etsa hore matsoho le maoto a satalle le hore molala o soenetsehe.