Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ne ke Loantša ho Hloka Toka le Tšollo ea Mali

Ke ne ke Loantša ho Hloka Toka le Tšollo ea Mali
  • O HLAHILE KA: 1960

  • NAHA EA HESO: LEBANON

  • PALE: SETSEBI SA KUNG FU

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hōletse Rmaysh, e pel’a leliboho le lipakeng tsa Iseraele le Lebanone, nakong ea ntoa ea lehae. Ke ntse ke hopola hantle ho phatloha ha libomo le kamoo mahlatsipa a se nang molato a neng a khaoha maoto le matsoho kateng. Bophelo bo ne bo le thata ’me tlōlo ea molao le ntoa li ne li atile.

Ba lelapa leso ba ne ba kena kereke ea Maronite, e leng e ’ngoe ea Likereke tsa K’hatholike tsa Bochabela. Ntate o ne a phathahane ka ho hlokomela lelapa leso la litho tse 12 empa ’mè o ne a etsa bonnete ba hore kaofela re ea kerekeng. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ke ile ka hlokomela hore kereke le eona ha e tsotelle batho ba nang le mathata.

Ha ke le lilemong tsa bocha ke ne ke rata kung fu. Kahoo, ke ile ka fumana koetliso e matla ’me ka tseba ho otla ka lifeisi le ho raha, ka ba ka tseba ho sebelisa libetsa tsa kung fu. Ke ile ka ipolella sena, ‘Nke ke ka khona ho felisa ntoa empa bonyane nka leka ho thibela batho ba mabifi.’ Ha ke ne ke bona batho ba babeli ba loana, ke ne ke ba namola. Ke ne ke le sefela-peloana. Batho ba karolong e ka boroa ea Lebanon kaofela ba ne ba ntšaba, kaha ke ne ke loantša ho hloka toka le tšollo ea mali.

Ka 1980 ke ile ka ba setho sa sehlopha sa kung fu sa Beirut. Le hoja letsatsi le letsatsi ho ne ho betsoa libomo le lirokete ’me fatše ho tlala likhaketlana tsa tsona, ke ne ke sa khaotse ho ea koetlisong. Seo ke neng ke se etsa feela bophelong ke ho ja, ho robala le ho phela joaloka Bruce Lee, e leng motšoantšisi oa Lechaena la Amerika la mampoli oa kung fu. Ke ne ke kuta moriri joaloka eena, ke tsamaea joaloka eena ’me ke hoelehetsa joaloka eena ha ke betsa kung fu. Ho ne ho se mohla ke bososelang.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Sepheo sa ka e ne e le hore ke be mampoli oa kung fu naheng ea Chaena. Mantsiboeeng a mang ha ke ntse ke ikoetlisa ka matla ke itokisetsa ho ea Chaena, ke ile ka  utloa motho a kokota monyako. Motsoalle oa ka o ne a tlile le Lipaki tsa Jehova tse peli. Ke ne ke apere seaparo se setšo sa ho ikoetlisa ’me ke rotha mofufutso eaba ke re ho bona, “Ha ke tsebe letho ka Bibele.” Ke ne ke sa tsebe hore ho tloha ka nako eo, bophelo ba ka bo ne bo tla fetoha.

Lipaki li ile tsa mpalla litemana tsa Bibele tse bontšang lebaka leo ka lona batho ba ke keng ba atleha ho felisa ho hloka toka le ntoa ka ho feletseng. Li ile tsa ntlhalosetsa hore Satane Diabolose ke eena ea bakang mathata ana. (Tšenolo 12:12) Ke ile ka khahloa ke hore ebe Lipaki li na le khotso ebile li kholisehile. Ke ile ka ameha maikutlo ha li mpolella hore Molimo o na le lebitso. (Pesaleme ea 83:18) Li ile tsa mpalla 1 Timothea 4:8 e reng: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” Mantsoe ao a ile a ba le tšusumetso e khōlō bophelong ba ka.

Ka masoabi ha kea ka hlola ke kopana le Lipaki tseo kaha batsoali ba ka ba ile ba li bolella hore li khaotse ho nketela. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela kung fu ’me ke ithute Bibele. Le hoja banab’eso ba ne ba sa batle ha ke etsa joalo, ke ne ke ikemiselitse ho fumana Lipaki tsa Jehova hape ’me ke ithute Bibele le tsona.

Ke ile ka tsoela pele ho batla Lipaki empa ha kea ka ka li fumana. Ka nako e tšoanang ke ile ka utloisoa bohloko haholo ke lefu la tšohanyetso la ntate oa ka hammoho le litsietsi tse ling tse ileng tsa oela lelapa leso. Ke ile ka fumana mosebetsi konterakeng ea ho haha ’me ka letsatsi le leng mosebetsi-’moho le ’na ea bitsoang Adel o ile a mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke hloname hakana. O ile a bua ka tšepo ea Bibele ea tsoho. Likhoeling tse latelang tse robong, Paki ena e lerato le e mosa e ile ea ithuta Bibele le ’na e sa fele pelo.

Ha thuto e ntse e tsoela pele, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke fetole botho ba ka. Ho ne ho se bonolo. Ka linako tsohle ke ne ke halefa habonolo. Bibele e ile ea nthuta ho laola bohale ba ka le hore ke se ke ka nkoa ke maikutlo. Ka mohlala, Matheu 5:44 e bua ka keletso ea Jesu e re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” Baroma 12:19 ea re lemosa e re: “Le se ke la iphetetsa, . . . kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” Mangolo ao le a mang a nthusitse hore ke be le khotso.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Le hoja lelapa leso le ne le sa batle ha ke ithuta le Lipaki tsa Jehova, lea li hlompha. Ha e le hantle, e mong oa banab’eso e se e le morapeli oa Jehova athe ’mè o ile a emela tumelo ea rōna ho isa lefung.

Ke boetse ke hlohonolofalitsoe ka mosali ea babatsehang le ea tšepahalang e leng Anita, eo kamehla ke rutang batho Bibele le eena. ’Na le Anita re qalile ho lula Eskilstuna, Sweden ka selemo sa 2000 ’me re ithuta Bibele le batho ba buang Searabia.

Ke sa ntse ke hauhela batho ba utloang bohloko ka lebaka la ntoa. Empa ho tseba hore na e bakoa ke eng le hore haufinyane Molimo o tla e felisa, hoa nthabisa ebile ho etsa hore ke be le khotso.—Pesaleme ea 37:29.

’Na le mosali oa ka re thabela tšebeletso haholo. Re thabela ho ruta batho ka Jehova