Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ke hobane’ng ha Kreste a khutla?

Pele Jesu Kreste a nyolohela leholimong ka selemo sa 33 C.E., o ile a tšepisa hore o tla khutla. O ile a itšoantša le monna ea hlomphehang, ea ileng a tsamaea nako e telele ’me a khutla e se e le morena. Lebaka la ho khutla ha Jesu ke hore a tlisetse batho puso e molemo.—Bala Luka 19:11, 12.

Jesu o tla tlisetsa batho puso e molemo

Kreste o tla khutla ka ’mele ofe? O ile a tsosoa e le motho oa moea ea sa bonahaleng. (1 Petrose 3:18) Kahoo, o ile a nyolohela leholimong ’me a lula ka letsohong le letona la Molimo. (Pesaleme ea 110:1) Ka mor’a nako e telele, Jesu o ile a tlisoa ka pel’a Jehova Molimo, “Moholo-holo oa Matsatsi,” ea ileng a fa Jesu matla a ho busa batho. Ka hona, Jesu o tla khutla e le Morena ea sa bonahaleng, eseng e le motho.—Bala Daniele 7:13, 14.

Jesu o tla etsa’ng ha a fihla?

Jesu o tla fihla a sa bonahale le mangeloi a hae ’me o tla ahlola batho. O tla felisa batho ba khopo empa ba mo amohelang e le Morena, o tla ba fa bophelo bo sa feleng.—Bala Matheu 25:31-33, 46.

Puso ea Morena Jesu e tla fetola lefatše paradeise. Jesu o tla tsosa ba shoeleng e le hore ba phele hamonate lefatšeng leo la Paradeise.—Bala Luka 23:42, 43.