Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Motho a ka Phelang ka Seo a Nang le Sona

Kamoo Motho a ka Phelang ka Seo a Nang le Sona

AK’U nahane haeba u lokela ho robala ka tjale bosiu. U ka etsa joang hore e u lekane? E ka u lekana haeba feela u ka iphina sekolokoto e le hore u felle ka har’a eona, u tsebe ho futhumala.

Ke sona seo ha e le hantle se boleloang ke ho phela ka seo motho a nang le sona. Chelete eo u e fumanang e ka tšoantšoa le tjale eo ea hao. Bothata boo u tobaneng le bona ke ba hore u se ke ua sebelisa chelete e ngata ho feta eo u e fumanang.

Le hoja sena se le bonolo ha se buuoa, ha ho bonolo ho se etsa e le hore u rue molemo ho sona. Batho ba ne ba ka qoba mathata a mangata a lichelete haeba feela ba ne ba ka leka ka matla ho latela keletso ena e bonolo. E ka lateloa joang? Re ka fumana tataiso e sebetsang hokae? Bibele e na le boitsebiso bo thusang haholo tabeng ena. A re ke re hlahlobeng hore na e re’ng.

Melao-motheo ea Bibele e ka U Thusang

Bibele e na le melao-motheo e mengata e sebetsang e ka u thusang hore u tsebe ho sebelisa chelete hantle. Re tla hlahloba e seng mekae feela. Ak’u hlahlobe hore na ebe melao-motheo ena e ke ke ea u thusa hore u phele ka seo u nang le sona.

Rera hore na u batla ho etsa’ng ka chelete.

E le hore u sebelise chelete hantle, u lokela ho tseba hore na u fumana chelete e kae le hore na u sebelisa e kae. Bibele e re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Ba bang ba sebelisa lienfelopo e le hore ba hlophise lichelete tsa bona. Enfelopo ka ’ngoe ke ea litšenyehelo tse itseng, joaloka “Lijo,” “Rente,” kapa “Liaparo.” Hore na u sebelisa mokhoa ona o bonolo kapa u sebelisa o mong o tsoetseng pele ho feta ona, ntho ea bohlokoa ke hore u tsebe hore na chelete ea hao u e sebelisetsa eng, ’me kamehla u qale ka lintho tsa bohlokoa pele, eseng mabothobotho feela a sa hlokahaleng hakaalo.

Qoba ho ba mohono.

Batho ba bangata linaheng tse sa ruang ba lakatsa lintho tsa batho ba phelang linaheng tse ruileng. Ha re se re bua ka batho ka bomong, ba bangata ba khalla ho ba le lintho tseo baahelani ba bona ba etsang mponeng ka tsona. Lena e ka ba lona leraba. E ka ’na eaba moahelani eo o ikhamme ka likoloto. Na hoa hlokahala hore u latele booatla ba motho e mong ebe u qetella u ikentse mathateng a lichelete? Bibele e re: “Motho ea leihlo le meharo o lelekisa leruo, a sa hlokomele hore bohloki bo tla mo oela holimo.”—Liproverbia 28:22, The Jerusalem Bible.

Nolofatsa bophelo ba hao.

Jesu o ile a eletsa balateli ba hae hore ba boloke leihlo la bona le ‘talimile nģa e le ’ngoe.’ (Matheu 6:22) Ho batla ho reka nama ea nku le veine empa u tseba hantle hore ntho eo u ka e khonang ke kotikoti ea tlhapi ebe u inoella metsi, habonolo feela ho ka u kenya mathateng a lichelete. Ho latela tlaleho e entsoeng ke Banka ea Ntlafatso ea Asia, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo Philippines le ba fetang halofo ea baahi India, ke mafutsana a otlang pelo, e leng ho bolelang hore ba phela ka chelete e ka tlaase ho R9.80 ka letsatsi. Ha batho ba fumana chelete e nyenyane hakaalo, ho hlokahala hore ba be bohlale e le hore ba reke feela seo ba hlileng ba se hlokang. Leha ho le joalo, esita le linaheng tse ruileng, ho etsa joalo ho ntse ho ka thusa batho hore ba se ke ba ba le mathata a mangata a lichelete.

Khotsofalla seo u nang le sona.

Taba ena e ntse e tsamaisana ’moho le keletso ea ho nolofatsa bophelo. Bibele e fana ka tataiso ena ho 1 Timothea 6:8: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” Ba bang ba batho ba thabileng ka ho fetisisa bophelong ha ba na chelete e kaalo; leha ho le joalo, ba khotsofalletse seo ba nang le sona, e leng lintho tse fokolang tseo ba nang le tsona hammoho le lerato la ba malapa a bona le metsoalle.—Liproverbia 15:17.

Qoba likoloto tse sa hlokahaleng.

Ka sebele mantsoe ana a Bibele ke ’nete: “Ea ruileng o busa ba nang le ho honyenyane, ’me ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Le hoja maemong a mang ho bonahala ho sa khonehe ho qoba sekoloto, batho ba etsang likoloto tse sa hlokahaleng e le hore feela ba reke lintho tseo ba li batlang hangata ba tla iphumana ba itse tloara! ka har’a likoloto. Sena se etsahala haholo-holo ha ho sebelisoa likarete tsa ho reka ka mokitlane. Makasine ea Time e itse: “Ha motho a tšoere karete, o reka feela a sa nahanisise hantle.” Eric ea lulang Philippines, o re: “Ha ke sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane, hangata ke reka haholo ho feta ha ke tšoere chelete. Joale ha ke se ke tlameha ho patala likoloto tseo, ke sitoa ho etsa lintho tseo ke neng ke rerile ho li etsa ka chelete.” Ka sebele e ka ba bohlale ho ba seli haholo maemong ao ho ’ona ho leng bonolo ho etsa sekoloto!—2 Marena 4:1; Matheu 18:25.

Bokella chelete pele u reka.

Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ke mokhoa oa khale, ha e le hantle ho bokella chelete pele u reka ke mokhoa o bohlale ka ho fetisisa oa ho qoba hore u be le mathata a lichelete. Ho etsa joalo ho thusitse ba bangata hore ba se ke ba kena likolotong esita le mathateng a tsamaisanang le tsona, joaloka ho lefella tsoala e holimo, e kenyelletsoang cheleteng ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekoang ka sekoloto. Bibele e bontša hore bohloa bo ‘hlalefile’ kaha bo boloka “phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa” e le hore bo li sebelise ka moso.—Liproverbia 6:6-8; 30:24, 25.

Ithute ho ba Bang

Likeletso tsa Bibele tseo re li tšohlileng mona li ka bonahala li utloahala, empa ha e le hantle na li hlile li thusa batho hore ba khone ho phela ka seo ba nang le sona? A re ke re bue ka ba bang ba ileng ba latela likeletso tseo eaba ba atleha ho hlōla mathata a lichelete.

Diosdado, e leng ntate ea nang le bana ba bane, oa lumela hore ho oa ha moruo ho bileng teng morao tjena, ho entse hore ho be thata hore a hlokomele ba lelapa la hae hantle ka seo ba se hlokang. Leha ho le joalo, oa hlokomela hore ke habohlokoa hore motho a rere hore na o tla etsa’ng ka chelete. O re: “Ke rera hantle hore na ke tla etsa’ng ka chelete eohle eo ke e kholang, ke iketselitse lethathamo la lintho tseo ke li etsang ka chelete.” Danilo le eena o etsa se tšoanang. Khoebo e nyenyane ea hae le mosali oa hae e ile ea oa. Leha ho le joalo, ba ntse ba khona ho lefella lintho tseo ba li hlokang ka hore ba rere hantle hore na ba tla sebelisa chelete ea bona joang. O re: “Rea tseba hore na khoeli le khoeli re fumana chelete e kae, hape rea tseba hore na re sebelisa e kae. Re itšetlehile ka seo, re buisana ka ho hlaka ka hore na ke chelete e kae eo re tla e sebelisa.”

E le hore ba sebelise chelete kamoo ba rerileng kateng, ba bangata ba bone e le habohlokoa hore ba fokotse lintho tse ling tse hlokang chelete. Myrna, e leng mohlolohali ea hōlisang bana ba bararo, o re: “Ho e-na le hore re palame likoloi tsa baeti ha re ea libokeng tsa Bokreste, ’na le bana ba ka re se re tsamaea ka maoto.” Myrna o lekile ka hohle ho thusa bana ba hae hore ba bone bohlokoa ba ho nolofatsa bophelo. O re: “Ke lekile ho ba behela mohlala o motle ka ho sebelisa keletso e hlahang ho 1 Timothea 6:8-10, e bontšang bohlokoa ba ho khotsofalla seo motho a nang le sona.”

Gerald, e leng ntate oa bana ba babeli, le eena o entse se tšoanang. O re: “Nakong ea thuto ea Bibele ea lelapa, re tšohla liphihlelo tsa Bakreste ba lulang ba amehile ka lintho tseo e leng tsa bohlokoa, e leng lintho tsa moea. Liphello tsa sena li molemo haholo kaha bana ba rōna ha ba kōpe lintho tseo ha e le hantle eseng tsa bohlokoa hakaalo.”

Janet ke lesoha le qetang nako e ngata haholo le ruta batho Bibele Philippines. O sa tsoa lahleheloa ke mosebetsi, empa o ntse a khona ho phela ka seo a nang le sona. O re: “Sena ke se khona ka hore ke be le boithibo le ka hore ke be hlokolosi ha ke sebelisa chelete le lintho tseo ke nang le tsona. Ho e-na le hore ke ee mabenkeleng a mabitso a phahameng, ke batla mabenkele a litheko li tlaase. Ha ke bone ho hlokahala hore ke lefe chelete e ngata empa ke ntse nka fumana ntho ka chelete e tlaase. Ke boetse ke leka ho qoba ho reka lintho hobane feela ke li bona.” Janet o hlokometse hore ke bohlale hore motho a bokelle chelete ea ntho eo a batlang ho e reka. O re: “Ha ho etsahala hore ke be le chelete e ngatanyana ho feta eo ke e lebeletseng, esita le ha e ka ba nyenyane hakae, kea e boloka e le hore e nthuse ha ho ka etsahala hore ke hloke chelete ka tšohanyetso.”

Mabapi le karete ea ho reka ka mokitlane, Eric, eo ho buuoeng ka eena pejana, o re: “Ke entse qeto ea hore nke ke ka sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane ntle le ha ho e-ba le maemo a tšohanyetso.” Diosdado o lumellana le seo: “E le hore ke se ke ka lekeha, hangata ke siea karete ea ka ea ho reka ka mokitlane ka ofising.”

U ka Khona ho Phela ka Seo U Nang le Sona

Ka sebele ba bangata baa hlokomela hore le hoja Bibele e le buka eo morero oa eona o ka sehloohong e leng ho re thusa moeeng, e boetse e fana ka tataiso e ka re thusang linthong tse ling bophelong. (Liproverbia 2:6; Matheu 6:25-34) Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e tšohliloeng mona le ka ho ithuta ho ba bang ba ruileng molemo ka ho e latela, le uena u ka khona ho phela ka seo u nang le sona. Ha u etsa joalo u ka qoba mathata le mahlomola a mangata ao batho ba limilione ba keneng ho ’ona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

“Re buisana ka ho hlaka ka hore na ke chelete e kae eo re tla e sebelisa”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

‘Ho e-na le hore re palame ha re ea libokeng tsa Bokreste, hona joale re tsamaea ka maoto’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

‘Ke qoba ho reka lintho hobane feela ke li bona’