Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?

Na u se u kile ua imeloa ke bothata bo itseng boo u neng u sa bo lebella, kapa boikarabelo bo itseng boo u neng u lokela ho bo phetha? Na u ee u ikutloe u felile ke mokhathala oa letsatsi le letsatsi oa hore u tlameha ho ikhoantlella hore feela u phele? Mohlomong u e mong oa batho ba limilione ba tsielehileng ba bileng ba tšohileng hobane ba ile ba lokela ho baleha naheng ea habo bona ’me joale u mophaphathehi. Hona ke mang har’a rōna ea e-s’o utloe bohloko bo hlabang pelong le ho ikutloa a feletsoe ke tšepo ka mor’a ho shoeloa ke motho eo a mo ratang?

NA U ne u tseba hore Maria, ’mè oa Jesu, le eena o ile a kopana le mathata a tšoanang le ao? Holim’a mathata ao ’ohle, o ile a feta ka katleho! Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

Ka sebele Maria o tsebahala lefatšeng ka bophara. Seo hase makatse, etsoe o khathile tema ea bohlokoa hore merero ea Molimo e phethahale. Ho feta moo, batho ba limilione tse ngata ba rapela Maria. Kereke e K’hatholike e mo tlotla joaloka ’Mè ea ratoang ebile e le mohlala o motle oa tumelo, tšepo le lereko. Ba bangata ba ’nile ba rutoa hore Maria ke ’muelli oa batho ho Molimo.

U talima ’mè oa Jesu joang? ’Me ntlha ea bohlokoa le ho feta, Molimo eena o mo talima joang?

Kabelo e Khethehileng

Maria, eo e neng e le morali oa Heli, e ne e le Moiseraele oa leloko la Juda. O hlaha ka lekhetlo la pele ka Bibeleng ha ho buuoa ka ketsahalo e itseng ea mohlolo. O ile a eteloa ke lengeloi ’me la re ho eena: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.” Qalong Maria o ile a khathatseha ’me a “qala ho nahana hore na ekaba tumeliso ena ke ea mofuta ofe.” Kahoo, lengeloi le ile la mo bolella hore o ne a khethetsoe kabelo e tsotehang eo e bileng e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa, ea ho emola Mora oa Molimo, ho mo beleha le ho mo hōlisa.—Luka 1:26-33.

Boo e ne e le boikarabelo bo bokaakang boo moroetsana eo a ileng a bo fuoa! O ile a ikutloa joang? E ka ’na eaba Maria o ne a ipotsa hore na ebe ke mang ea neng a tla mo kholoa. Na ho ima hoo ho ne ho tla etsa hore moratuoa oa hae ea mo lebelelitseng, e leng Josefa, a mo hlale, kapa na ho ne ho ka ’na ha etsa hore a hobosoe ke sechaba? (Deuteronoma 22:20-24) Ha aa ka a tsila-tsila ho amohela kabelo eo ea bohlokoa.

Tumelo e matla ea Maria e ile ea mo susumelletsa hore ka boikokobetso a etse thato ea Molimo oa hae, Jehova. O ne a kholisehile hore o tla mo hlokomela. Ka hona, o ile a re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” Kaha Maria o ne a lemoha hore kabelo eo e ne e le tsela e khethehileng eo a neng a tla tlotlisa Molimo ka eona, o ne a ikemiselitse ho thula thaba ka phatla.—Luka 1:38.

Ha Maria a bolella Josefa hore ke moimana, Josefa o ile a rera ho koenehela tšepiso ea bona ea ho nyalana. E tlameha ebe eo e ne e le nako e mahlonoko ho bona ka bobeli. Bibele ha e re bolelle hore na tsitsipano eo e nkile nako e kae. Leha ho le joalo, e tlameha ebe Maria le Josefa ba ile ba imoloha haholo ha lengeloi la Jehova le hlaha ho Josefa. Lenģosa leo la Molimo le ile la hlatsoa lebitso la Maria, la hlalosetsa Josefa hore o imme ka mohlolo, la ba la mo bolella hore a ise Maria lapeng, e be mosali oa hae.—Matheu 1:19-24.

Linako Tse Boima

Kajeno, bo-’mè ba bangata ba lebeletseng bana ba qeta likhoeli tse ngata ba lokisetsa ho fihla ha masea a bona ’me e tlameha ebe le Maria o ile a etsa joalo. E ne e tla ba ngoana oa hae oa matsibolo. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala lintho tseo a neng a sa li lebella tse ileng tsa sitisa merero ea hae. Cesare Augustase o ile a ntša taelo e reng ho baloe sechaba, e neng e re bohle ba e’o ngolisa metseng eo ba hlahetseng ho eona. Ka hona, Josefa o ile a nka Maria, eo ka nako eo a neng a le khoeling ea borobong, a tsamaea le eena leeto la lik’hilomithara tse 150 ’me ho ka etsahala hore ba ne ba tsamaea ka esele! Batho ba ne ba le bangata haholo Bethlehema ’me ho ne ho hlokahala sebaka seo Maria a neng a ka pepela ho sona, empa sebaka feela se neng se le teng e ne e le setala. E tlameha ebe ho bile boima hore Maria a pepele setaleng. Mohlomong o ile a hlajoa ke lihlong ebile o ne a tšohile.

E tlameha ebe nakong ena e thata bophelong ba hae, Maria o ile a tšollela maikutlo a hae ho Jehova, a tšepile hore o tla mo hlokomela a be a hlokomele le lesea la hae. Hamorao, ho ile ha fihla balisa ba neng ba chesehela ho bona ngoana. Ba ile ba hlalosa hore mangeloi a ile a bitsa ngoana eo “Mopholosi, e leng Kreste Morena.” Joale rea bala: “Maria a qala ho boloka lipolelo tsena kaofela, a li nahanisisa ka pelong ea hae.” O ile a thuisa ka mantsoe ana eaba aa mo matlafatsa.—Luka 2:11, 16-19.

Ho thoe’ng ka rōna? Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tse bohloko bophelong. Ho feta moo, Bibele e re re ka ’na ra hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” e leng se ka re bakelang mathata le liteko tse sa tšoaneng. (Moeklesia 9:11) Na ha seo se etsahala re tlala bohale ebe re beha Molimo molato? Na ho ke ke ha e-ba molemo hore re etsise boikutlo ba Maria ’me re atamele haufi le Jehova Molimo ka ho ithuta Lentsoe la hae, Bibele, ebe re thuisa ka lintho tseo re ithutileng tsona? Ruri ho etsa joalo ho tla re thusa hore re mamelle liteko.

O ne a Futsanehile Ebile e le Mophaphathehi

Maria o ile a thulana le mathata a mang hape—a akarelletsang bofutsana le ho tlameha ho baleha naheng ea habo. Na u kile ua kopana le mathata a mofuta oo? Ho latela tlaleho e ’ngoe, “halofo ea lefatše—e leng hoo e ka bang limilione tse likete tse tharo tsa batho—ba phela ka chelete e ka tlaase ho lidolara tse peli ka letsatsi,” ebile batho ba bang ba limilione ba hula ka thata le hoja ba lula linaheng tseo ho thoeng li ruile. Uena? Na u khathetse ke ho sehla ka thata letsatsi le letsatsi e le hore lelapa la hao le ka ja, la apara le ho ba le lehae, mohlomong ka linako tse ling ho bile ho u imela habohloko?

Bibele e bontša hore Maria le Josefa ba ne ba futsanehile. Hobane’ng re rialo? E ’ngoe ea lintlha tse seng kae tseo Kosepele ea Matheu, ea Mareka, ea Luka le ea Johanne li li bontšang ka banyalani bana ke hore matsatsi a 40 ka mor’a hore Maria a belehe Jesu, eena le Josefa ba ile ba ea tempeleng ho ea etsa nyehelo e neng e hlokahala—e leng “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.” * (Luka 2:22-24) Ke feela batho ba neng ba futsanehile haholo hoo ba neng ba ke ke ba khona ho nyehela konyana e tona ba neng ba lumeletsoe ho etsa sehlabelo sa mofuta ona. Kahoo, e tlameha ebe Maria le Josefa ba ne ba phela ka thata. Leha ho le joalo, se hlollang ke hore ba ile ba atleha ho ba le lelapa leo ho lona ho neng ho rena lerato. Ha ho potang hore ba ne ba nka lintho tse amanang le borapeli ba bona ho Molimo e le tsona lintho tse tlang pele bophelong.—Deuteronoma 6:6, 7.

Nakoana ka mor’a hore Maria a belehe Jesu, lintho li ile tsa boela tsa fetoha ka tšohanyetso. Lengeloi le ile la bolella Josefa hore a nke lelapa la hae ’me ba balehele Egepeta. (Matheu 2:13-15) Lena e ne e le lekhetlo la bobeli Maria a tlameha ho tloha sebakeng seo a se tloaetseng, empa lekhetlong lena o ne a lokela ho ea naheng esele. Ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata Egepeta, kahoo mohlomong Maria le Josefa ba ne ba phela le batho ba habo bona. Ho ntse ho le joalo, ho lula naheng esele e ka ba ntho e thata le e etsang hore motho a ikutloe eka o lahlehile. Na uena le lelapa la hao le ba bang ba batho ba limilione ba ileng ba lokela ho tsoa naheng ea habo bona, mohlomong molemong oa bana, kapa ho baleha boemo bo itseng bo kotsi? Haeba ho le joalo, u ka utloisisa hantle a mang a mathata ao e tlamehang ebe Maria o ile a kopana le ’ona ha a le Egepeta.

Mosali le ’Mè ea Itetseng

Likosepele ha li bue hakaalo ka Maria ntle le moo ho buuang ka tsoalo ea Jesu le ha a ntse a hōla. Leha ho le joalo, rea tseba hore Maria le Josefa ba ile ba e-ba le bana ba bang ba tšeletseng kapa ho feta. Mohlomong taba ena e ea u makatsa. Leha ho le joalo, nahana ka seo Likosepele li se buang.

Josefa o ne a e-na le tlhompho e tebileng bakeng sa tlotla eo Maria a neng a e filoe ea ho beleha Mor’a Molimo. Ka lebaka leo, o ile a qoba ho kopanela liphate le eena pele Jesu a tsoaloa. Matheu 1:25 e re Josefa “ha aa ka a kopanela liphate le eena ho fihlela a tsoetse mora.” Mantsoe a reng “ho fihlela” temaneng ena a bontša hore ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Maria le Josefa ba ile ba kopanela liphate ka tsela e tloaelehileng joaloka monna le mosali. Tlaleho ea Likosepele e re ka lebaka leo, Maria le Josefa ba ile ba ba le bana ba bang, ba banana le ba bashanyana. Jakobo, Josefa, Simone le Judase e ne e le barab’abo Jesu. Maria o ne a e-na le barali ba babeli kapa ho feta moo. (Matheu 13:56) Leha ho le joalo, o ile a emola bana bao ka tsela e tloaelehileng. *

Maria o ne a nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa. Le hoja ka Molao e ne e se tlamo hore basali ba be teng moketeng oa Paseka, ka tloaelo Maria o ne a felehetsa Josefa ho nka leeto la ho ea Jerusalema moketeng. (Luka 2:41) Mohlomong seo se ne se bolela hore selemo le selemo ba ne ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 300 ho ea le ho khutla—ka lelapa le ntseng le eketseha! Empa ha ho potang hore lelapa lohle le ne le thabela ketsahalo ea mofuta oo.

Ho na le basali ba bangata kajeno ba etsisang mohlala oo o motle oa Maria. Ba sebetsa ka thata le hona ka tsela e se nang boithati ha ba phetha boikarabelo ba bona ba Mangolo. Ka makhetlo a mangata basali bana ba itetseng ba bontša tiisetso, mamello esita le boikokobetso! Ho nahana ka mohlala oa Maria ho ba thusa hore ba nke lintho tsa moea e le tsa bohlokoa ho feta takatso ea bona ea ho phela bophelo bo mabothobotho le bo monate. Baa tseba hore ho rapela Molimo ba e-na le banna ba bona le bana ho matlafatsa lelapa ebile hoa le momahanya, e leng ’nete eo e tlamehang ebe Maria le eena o ne a e tseba.

Ka nako e ’ngoe ha Maria le Josefa ba ne ba khutla moketeng o neng o tšoaretsoe Jerusalema—mohlomong mothating ona ba ne ba se ba e-na le bana ba ’maloa—ba ile ba lemoha hore Jesu ea neng a le lilemo li 12 ha a eo har’a bona. U se u ka inahanela hore na e tlameha ebe Maria o ne a tšoenyehile hakae nakong eo ea letšolo la matsatsi a mararo la ho batla mora oa hae! Qetellong ha eena le Josefa ba mo fumana ka tempeleng, Jesu o ile a re ho bona: “Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?” Tlaleho ena e boetse e re Maria “a boloka ka hloko lipolelo tsena kaofela ka pelong ea hae.” Sena se boetse se bontša hore Maria o ne a nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa haholo. O ne a hlile a thuisa ka sohle se neng se etsahalla Jesu. E tlameha ebe hamorao ha a bolella bangoli ba Likosepele taba ena hammoho le liketsahalo tse ling tsa bongoaneng ba Jesu, o ne a ntse a hopola lintlha tseo hantle le ka ho hlakileng.—Luka 2:41-52.

O Ile a Mamella le Hoja a ne a Hula ka Thata ’me a Shoetsoe

Ho ile ha etsahala’ng ka Josefa, e leng ntate ea hōlisitseng Jesu? Ka mor’a hore ho buuoe ka eena ka bokhutšoanyane ketsahalong eo ea bocheng ba Jesu, ho hang ha ho sa buuoa ka Josefa tlalehong ea Likosepele. Ba bang ba nka hore e tlameha ebe seo se bontša hore Josefa o ile a shoa pele Jesu a qala tšebeletso ea hae. * Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala’ng, ho bonahala Maria e ne e le mohlolohali ho elella qetellong ea tšebeletso ea Jesu. Nakong ea lefu la hae, Jesu o ile a siea Maria liatleng tsa moapostola Johanne. (Johanne 19:26, 27) Jesu o ne a ke ke a etsa seo haeba Josefa a ne a ntse a phela.

Maria le Josefa ba ne ba fetile linthong tse ngata ba le ’moho! Ba ile ba eteloa ke mangeloi, ba phonyoha liatleng tsa ’musi oa mohatelli, ba falla ka makhetlo a mangata ba ba ba hōlisa bana ba bangata. E tlameha ebe hangata ha e ne e le mantsiboea ba ne ba ee ba lule fatše, ba bue ka Jesu, ba ipotsa hore na ebe o tla hlaheloa ke eng nakong e tlang, ba amehile ka hore na ebe ba ne ba ntse ba mo koetlisa ka tsela e nepahetseng. Joale Maria o iphumana a se a se na molekane.

Na u shoetsoe ke mohats’ao? Na u sa ntse u utloa bohloko le ho sareloa ka lebaka la ho shoeloa, esita le ka mor’a lilemo tse ngata? Ha ho tika-tiko hore Maria o ile a tšelisoa ke tumelo ea hae le ho tseba hore ho na le tšepo ea tsoho. * (Johanne 5:28, 29) Leha ho le joalo, matšeliso ao ha aa ka a felisa mathata a Maria. Joaloka bo-’mè ba bangata kajeno, Maria le eena o ne a lokela ho hōlisa bana ba hae e le ’mè ebile e le ntate.

Hoa utloahala hore e tlameha ebe ke Jesu ea ileng a jara boikarabelo ba ho phelisa lelapa labo ha Josefa a se a shoele. Ha baena ba Jesu ba ntse ba hōla, ba ne ba tla jara boikarabelo bo itseng ba lelapa. Ha Jesu “a ka ba lilemo li mashome a mararo,” o ile a tloha lapeng eaba o qala tšebeletso ea hae. (Luka 3:23) Batsoali ba bangata baa thaba ebile baa hlonama ha bana ba bona ba tloha lapeng. Batsoali ba tella bana ba bona nako e ngata, ba etsa boiteko ba ho ba hōlisa ebile ba ameha ka bona hoo ba sareloang ha bana ba tloha lapeng. Na u na le mora kapa morali ea tsamaileng lapeng e le hore a finyelle sepheo sa hae? Na u ikutloa u le motlotlo ka eena le hoja ka linako tse ling u ee u ikutloe eka a ka be a le haufi le uena? Joale u se u ka inahanela hore na e tlameha ebe Maria o ile a ikutloa joang ha Jesu a tloha lapeng.

Liteko Tse sa Lebelloang

E ’ngoe ea liteko tseo Maria a ileng a kopana le tsona e tlameha ebe ho hang o ne a sa e lebella. Ha Jesu a ntse a bolela litaba tse molemo, batho ba bangata ba ile ba mo latela—empa baena ba hae ha baa ka ba mo latela. Mangolo a re: “Ha e le hantle, barab’abo ba ne ba sa bontše tumelo ho eena.” (Johanne 7:5) Ha ho potang hore Maria o ile a ba bolella seo lengeloi le ileng la mo bolella sona—hore Jesu e ne e le “Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) Ho ntse ho le joalo, Jakobo, Josefa, Simone le Judase ba ne ba nka Jesu e le feela moholoane oa bona. Kahoo, Maria o ile a iphumana a le lelapeng le neng le sa lumellane litabeng tsa bolumeli.

Na Maria o ile a teneha eaba o khaotsa ho thusa bana ba bang ba hae hore ba fetole tsela eo ba talimang Jesu ka eona? Le hanyenyane! Ka nako e ’ngoe ha Jesu a ntse a bolela Galilea, o ile a kena ka tlung e ’ngoe ho ea ja, eaba matšoele aa bokana ho tla mo mamela. Joale ke bo-mang ba neng ba eme ka ntle ba ntse ba mo batla? Ke Maria le baena ba Jesu. Kahoo ha Jesu a ne a le pel’a lapeng, Maria o ne a mo latela ’me kamoo ho bonahalang kateng o ne a tsamaea le bana ba bang ba hae a tšepile hore mohlomong seo se tla fetola tsela eo ba mo talimang ka eona.—Matheu 12:46, 47.

Mohlomong le uena u talimane le bothata ba hore u loanela ho latela Jesu empa litho tse ling tsa lelapa ha li ikamahanye. U se ke ua nyahama kapa ua tela! Joaloka Maria, ka ho se fele pelo ba bangata ba qetile lilemo ba ntse ba khothatsa litho tsa malapa a habo bona pele li fetola boikutlo ba tsona. Mamello ea mofuta oo ke ea bohlokoa ho Molimo, ho sa tsotellehe hore na ba bang ba nka bohato bo itseng kapa che.—1 Petrose 3:1, 2.

Teko e Boima ka ho Fetisisa

Ha ho potang hore teko ea ho qetela ea Maria e tlalehiloeng ka Mangolong e bile e utloisang bohloko ka ho fetisisa. O ile a shebella ha mora oa hae a shoa lefu le sehlōhō ka mor’a hore sechaba sa habo se mo lahle. Ho ’nile ha boleloa hore lefu la ngoana ke “tahlehelo e khōlō ka ho fetisisa,” “lefu le utloisang bohloko ka ho fetisisa,” ebang ngoana o sa le monyenyane kapa ke motho e moholo. Feela joalokaha ho ne ho ile ha boleloa lilemo tse mashome esale pele, Maria o ile a utloa eka o hlabiloe ka sabole pelong!—Luka 2:34, 35.

Na Maria o ile a lumella teko ee ea ho qetela hore e mo thefule maikutlong kapa e thefule tumelo ea hae ho Jehova? Che. Lekhetlong le latelang ha ho buuoa ka Maria ka Bibeleng, ho bontšoa hore o ne a e-na le barutuoa ba Jesu, “ba phehella thapelong.” Ebile o ne a se mong. O ne a e-na le bara ba bang ba hae, bao ka nako e ’ngoe ba neng ba sa ka ba bontša tumelo ho moholoane oa bona. E tlameha ebe seo se ile sa tšelisa Maria hakaakang! *Liketso 1:14.

Maria o ne a phela bophelo bo maphathaphathe le bo khotsofatsang e le mosali ea tšepahalang ho Molimo, e le mosali oa Josefa oa sebele ebile e le ’mè oa lelapa. O ile a feta maemong a mangata a thabisang tšebeletsong ea Molimo. O ile a hlōla liteko le mahlomola a mangata. Ha re tobane le maemo a tšohanyetso kapa ha re tšoenyehile ka lebaka la mathata a lelapa, ka sebele re ka ithuta mohlaleng oa Maria oa ho mamella ka botšepehi.—Baheberu 10:36.

Leha ho le joalo, na Maria o lokela ho nkoa e le motho ea khethehileng eo batho ba lokelang ho mo rapela? Na tlaleho ea Bibele e mabapi le karolo e ikhethang e phethiloeng ke Maria e bontša hore ho nepahetse hore a rapeloe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Ena e ne e bitsoa nyehelo ea sebe. (Levitike 12:6, 8) Maria o ile a etsa nyehelo eo ho bontša hore oa utloisisa hore eena joaloka batho bohle ba sa phethahalang, o ne a futsitse liphello tsa sebe sa motho oa pele, Adama.—Baroma 5:12.

^ ser. 26 Ho ’nile ha nkoa hore kaha ha ho moo ho buuoang ka Josefa tlalehong e amanang le tšebeletso ea Jesu, seo ke pontšo ea hore e tlameha ebe o ne a se a shoele etsoe ho buuoa ka litho tse ling tsa lelapa labo Jesu—’mè oa hae, baena ba hae le likhaitseli tsa hae. Ka mohlala, moketeng o neng o tšoaretsoe Kana, moo ho bontšoa hore Maria o ne a phathahane hoo a ileng a ba a nka mehato e itseng, empa ho hang ha ho buuoe letho ka Josefa. (Johanne 2:1-11) Ketsahalong e ’ngoe, batho ba motse oa habo Kreste ha baa ka ba bua ka Jesu e le mora oa Josefa, empa ba ile ba re ke “mora oa Maria.”—Mareka 6:3.

^ ser. 28 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tšepiso ea Bibele ea tsoho ea bafu, sheba khaolo ea 7 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 36 Sheba lebokose le reng  “O Bile Sebete sa ho Fetola Bolumeli ba Hae,” leqepheng la 7.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

 Na Jesu o ne a E-na le Baena le Likhaitseli?

Ho hlile ho joalo. Litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli li ’nile tsa leka ho hanyetsa ’nete eo, le hoja Likosepele li hlakisa sena ka makhetlo a ’maloa. (Matheu 12:46, 47; 13:54-56; Mareka 6:3) Leha ho le joalo, litsebi tsa Bibele li hlokometse lintho tse peli ka thuto ea hore Maria ha aa ka a ba le bana ba bang. Ea pele, ho na le lebaka la ho ruta thuto eo—e leng ho tšehetsa thuto eo hamorao kereke e ileng ea e ruta ea hore Maria o ile a lula e le moroetsana bophelo bohle ba hae. Ea bobeli ke hore ha thuto eo e se e hlahlobisisoa, ho fumaneha hore ha e na bopaki bo kholisang.

Ka mohlala, thuto e ’ngoe ke e reng batho bao ho buuoang ka bona e le “barab’abo” Jesu e ne e le bara ba Josefa ba lenyalo la pele. Khopolo ena ha e utloahale, etsoe bonneteng, seo se ne se ka amoha Jesu tokelo ea hae ea molao e le letsibolo le lokelang ho ja lefa la borena ba Davida.—2 Samuele 7:12, 13.

Thuto e ’ngoe e re ha e le hantle, baena bao ba hae e ne le bo-motsoal’a Jesu, le hoja Mangolo a Segerike a sebelisa mantsoe a fapaneng bakeng sa ‘mor’abo motho,’ ‘motsoala’ le ‘mong ka motho.’ Ka hona, setsebi Frank E. Gaebelein o re lithuto tsena tsa bolumeli ha li utloahale. O phetha ka ho re: “Tsela e tloaelehileng ke ea ho nka lentsoe ‘barab’abo’ . . . le bolela bara ba Maria le Josefa, e leng ho bolelang hore ke baena ba Jesu ka Maria.”

[Lebokose le leqepheng la 7]

 O Bile Sebete sa ho Fetola Bolumeli ba Hae

Maria o tsoaletsoe lelapeng la Bajuda ’me bolumeli ba hae e ne e le ba Sejuda. O ne a ea sebakeng sa borapeli ba Bajuda se neng se bitsoa synagoge ’me o ne a ee a etele tempeleng, Jerusalema. Leha ho le joalo, ha Maria a ntse a e-ba le tsebo e batsi ka merero ea Molimo, o ile a lemoha hore meetlo ea bo-ntat’ae e ne e se e sa amoheloe ke Molimo. Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ile ba bolaea Mora oa Maria, e leng Mesia. Pele seo se etsahala, Jesu o ne a ile a ba tsebisa: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:38) Molimo o ile a khaotsa ho hlohonolofatsa mokhoa oa bolumeli oo Maria a neng a hōliselitsoe ho oona.—Bagalata 2:15, 16.

Ha phutheho ea Bokreste e thehoa, Maria o ne a ka ba lilemo li 50 kapa ho feta moo. Ebe o ne a tla etsa’ng? Na o ile a ipolella hore o tsoaletsoe tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda ’me a ke ke a lahla meetlo ea baholo-holo ba hae? Na o ile a re o se a tsofetse hoo a ke keng a fetola bolumeli ba hae? Le letho! Maria o ne a utloisisa hore joale Molimo o hlohonolofatsa phutheho ea Bokreste, kahoo, o ile a ba le tumelo le sebete sa ho fetola bolumeli ba hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ba balehela Egepeta e le baphaphathehi

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ntho e bohloko ka ho fetisisa e ka hlahelang ’mè