Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le ka Mohla U se ke Ua Felloa ke Tšepo!

Le ka Mohla U se ke Ua Felloa ke Tšepo!

Na u se u bile Paki ea Jehova ka lilemo tse ngata ’me u lakatsa eka molekane oa hao le eena e ka ba morapeli oa Jehova?

Kapa na u ile ua ikutloa u nyahame ha motho eo u neng u ithuta Bibele le eena, ea neng a bonahala a thahasella haholo qalong, a hlōleha ho emela ’nete?

 Liphihlelo tse ’maloa tse tsoang Brithani li tla u thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha u sa lokela ho felloa ke tšepo le ka mohla. U tla boela u bone hore na ke sefe seo u ka ’nang ua se etsa e le hore u ka “lahlela bohobe ba hao holim’a metsi,” u tle u tsebe ho thusa batho ba e-s’o ka ba utloa ’nete.—Moek. 11:1.

MAMELLO KE NTHO EA BOHLOKOA

Ntho ea bohlokoa eo u lokelang ho e etsa ke ho mamella. U lokela ho tšoarella ’neteng ’me u khomarele Jehova. (Deut. 10:20) Sena ke seo Georgina a ileng a se etsa. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ka 1970, monna oa hae Kyriacos, o ile a loloma ke bohale. O ile a leka ho mo thibela ho ithuta, a hanela Lipaki ho kena ka tlung, a ba a lahla lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova tseo a neng a li fumana.

Ha Georgina a qala ho ea libokeng, Kyriacos o ile a halefa le ho feta. Ka letsatsi le leng o ile a ea Holong ea ’Muso hore feela a il’o mo qholotsa. Ha morali e mong oabo rōna a hlokomela hore Kyriacos o ne a bua Segerike hantle ho feta Senyesemane, o ile a letsetsa mora e mong oabo rōna oa Mogerike phuthehong e ’ngoe hore a tl’o thusa. Kyriacos o ile a ananela tsela e mosa eo mora eo oabo rōna a ileng a mo tšoara ka eona, eaba ba ithuta Bibele ka likhoeli tse ’maloa. Leha ho le joalo, Kyriacos o ile a emisa ho ithuta.

Georgina o ile a ’na a hanyetsoa ka lilemo tse ling tse tharo. Kyriacos o ile a re ha a ka kolobetsoa feela o ne a tla arohana le eena. Letsatsing leo a neng a kolobetsoa ka lona, Georgina o ile a rapela Jehova ka matla hore Kyriacos a se ke a arohana le eena. Ha Lipaki li fihla ho tla mo lata ho ea kopanong, Kyriacos o ile a re ho tsona: “Lōna tsamaeang. Re tla le sala morao ka koloi ea rōna.” O ile a mamela lenaneo la hoseng a ba a shebella ha mosali oa hae a kolobetsoa!

Georgina o ile a bona monna oa hae a kolobetsoa ka mor’a lilemo tse ka bang 40 ho tloha ha a ne a qala ho kopana le Lipaki

Ka mor’a moo, khanyetso ea Kyriacos e ile ea fokotseha, eaba butle-butle o etsa liphetoho tse khōlō. Georgina o ile a bona ha monna oa hae a kolobetsoa ka mor’a lilemo tse ka bang 40 ho tloha ha a ne a qala ho kopana le Lipaki! Ke’ng e ileng ea thusa Kyriacos? O re: “Ke ile ka khahloa ke tsela eo Georgina a neng a ikemiselitse ka eona.” Georgina o re: “Ho sa tsotellehe khanyetso ea monna oa ka, ke ne nke ke ka emisa ho rapela Molimo oa ka. Nako ena kaofela, ke ile ka lula ke rapela Jehova ’me ha nka ba ka felloa ke tšepo.”

BOHLOKOA BA BOTHO BO BOCHA

Ntho e ’ngoe e ka thusang molekane oa hao ke ho loanela ho bontša botho ba Bokreste. Moapostola Petrose o ile a eletsa basali ba Bakreste, a re: “Le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona.” (1 Pet. 3:1) Christine o ile a mamela keletso eo, le hoja ho ile ha mo nka lilemo tse ngata hore a hape monna oa hae. Ha e ne e e-ba Paki lilemo tse fetang 20 tse fetileng, monna oa hae John o ne a bona ho sa hlokahale hore a lumele ho Molimo. John o ne a sa batle ho kenella bolumeling, empa o ne a bona kamoo bolumeli ba Christine bo bocha bo neng bo le bohlokoa kateng ho eena. O re, “Ke ne ke bona hore bo etsa hore a thabe, e ile ea e-ba motho ea matla ea bileng a tšepahalang, e leng se ileng sa nthusa haholo ha ke ne ke thulana le mathata.”

Christine ha aa ka a qobella monna oa hae ho amohela bolumeli ba hae, monna oa hae o re: “Christine o ile a hla a bona ho tloha qalong hore ho ne ho le molemo hore a se ke a bua le ’na ka bolumeli ba hae, ’me o ile a mpha monyetla oa hore ke ithute ka nako ea ka le ka tsela ea ka.” Ha Christine a ne a bona lihlooho tseo a neng a tseba hore John a ka ’na a li thahasella Molula-Qhooeng le Tsoheng!, mohlomong tse neng li bua ka saense kapa tlhaho, o ne a mo bontša tsona ebe o re, “Ke nahana hore u tla thabela ho bala sena.”

Ka mor’a nako, John o ile a ea pensheneng eaba o qalella ho etsa mosebetsi oa ho hlokomela serapa. Kaha kelello ea hae e ne e se e lokolohile hore a ka nahana ka lipotso tse tebileng tsa bophelo, o ile a qala ho ipotsa, ‘Na ebe re bile teng ka tsietsi kapa re bōpiloe ka morero?’ Ka letsatsi le leng, mora e mong oabo rōna ea neng a ntse a qoqa le John o ile a ’motsa, “Ho ka ba joang ha re ka ithuta Bibele?” John o re, “Kaha ke ne ke se ke qalile ho lumela ho Molimo, ke ile ka lumela.”

Ruri ke habohlokoa hore ebe le ka mohla Christine ha aa ka a felloa ke tšepo! Ka mor’a ho rapela ka lilemo tse 20 hore John a mpe a amohele ’nete, John o ile a kolobetsoa. Hona joale ba sebeletsa Jehova hammoho ka cheseho. John o re: “Ha e le hantle ke lintho tse peli tse ileng tsa nkhapa—ke mosa le botsoalle tseo Lipaki li nang le tsona. Ebile ha u nyalane le Paki ea Jehova, u na le molekane ea tšepahalang, ea ka tšeptjoang le ea nang le boitelo.” Ka sebele, Christine o ile a sebelisa mantsoe a ho 1 Petrose 3:1 ’me o ile a atleha!

PEŌ E BEHA LITHOLOANA LILEMO HAMORAO

Ho etsahala’ng haeba ka mabaka a itseng batho bao re ithutang Bibele le bona ba felloa ke thahasello  eo ba neng ba e-na le eona pele? Morena Solomone o ile a ngola a re, “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” (Moek. 11:6) Ka linako tse ling peō ea ’nete e nka lilemo tse ngata hore e mele ka lipelong tsa batho. Ho ntse ho le joalo, hamorao motho a ka ’na a hlokomela hore ke habohlokoa hore a atamele ho Molimo. (Jak. 4:8) Ka sebele, ka letsatsi le leng u ka ’na ua makala ua ba ua thaba.

Nahana ka Alice, ea ileng a tloha India a fallela Engelane. Ka 1974 o ile a qala ho ithuta Bibele. O ne a bua Sehindi empa a batla ho ntlafatsa tsela eo a neng a bua Senyesemane ka eona. Thuto e ile ea tsoela pele ka lilemo tse itseng, ’me Alice o ile a ea libokeng tse ’maloa phuthehong e neng e bua Senyesemane. O ne a tseba hore seo a neng a ithuta sona ke ’nete empa o ne a nka eka ke mokhoa oa ho itlosa bolutu feela. Ntle ho moo, o ne a rata chelete haholo a bile a rata ho ea liphathing. Hamorao Alice o ile a emisa ho ithuta.

Hoo e ka bang lilemo tse 30 hamorao, Stella, ea neng a kile a khannela Alice thuto, o ile a fumana lengolo le tsoang ho Alice. Le ne le re: “Kea kholoa hore u tla makala haholo ha u utloa hore motho eo u neng u ithuta Bibele le eena ho tloha ka 1974, o kolobelitsoe kopanong ea setereke e sa tsoa feta. U phethile karolo ea bohlokoa haholo bophelong ba ka. U ile ua jala peō ea ’nete ka pelong ea ka, le hoja ke ne ke e-s’o ikemisetse ho inehela ho Molimo ka nako eo, ke ile ka boloka peō eo ka kelellong ea ka le ka pelong ea ka.”

Lengolo leo Alice a neng a le ngoletse Stella le ne le re: “Kea kholoa hore u tla makala haholo ha u utloa hore motho eo u neng u ithuta Bibele le eena ho tloha ka 1974, o kolobelitsoe kopanong ea setereke e sa tsoa feta”

Ho ne ho etsahetse’ng? Alice o re o ile a tepella maikutlo haholo ka mor’a lefu la monna oa hae ka 1997. O ile a rapela Molimo. Pele metsotso e leshome e feta, Lipaki tse peli tse buang Sepunjabi li ile tsa mo etela ha hae ’me tsa mo siela pampitšana ea Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Alice o ile a ba le maikutlo a hore thapelo ea hae e arabetsoe eaba o etsa qeto ea hore o lokela ho ikopanya le Lipaki Tsa Jehova. Empa o ne a tla li fumana hokae? O ile a fumana bukana ea ho ngola lintlha tsa letsatsi ea khale e nang le aterese eo Stella a neng a mo file eona ea phutheho ea Sepunjabi. Alice o ile a etela Holong ea ’Muso ’me a amoheloa ka mofuthu ke bara le barali babo rōna ba buang Sepunjabi. Alice o re, “Boikutlo bo mofuthu boo ke ileng ka bo fumana bo ile ba lula bo le teng ho ’na ’me ba nthusa hore ke hlōle ho tepella maikutlong hoo ke neng ke e-na le hona.”

O ile a qala ho ea libokeng kamehla, a tsoela pele ho ithuta Bibele a ba a ithuta ho bua le ho bala Sepunjabi ka mokhoa o phollatsi. Ka 2003 o ile a kolobetsoa. Lengolo la hae le eang ho Stella le ile la qetella ka ho re, “Ke leboha haholo ka hore ebe u ile ua jala peō eo lilemong tse 29 tse fetileng le hore ebe u ile ua mpehela mohlala o motle e le hore nka o latela.”

“Ke leboha haholo ka hore ebe u ile ua jala peō eo lilemong tse 29 tse fetileng le hore ebe u ile ua mpehela mohlala o motle e le hore nka o latela.”—Alice

Ke sefe seo u ithutang sona liphihlelong tsee? Ho ka ’na ha nka nako e telele ho feta kamoo u lebeletseng kateng, empa haeba motho a hlile a batla ho tseba Molimo, a tšepahala a bile a ikokobelitse, Jehova o tla lumella peō ea ’nete hore e hōle ka pelong ea hae. Hopola tlhaloso e hlahang papisong ea Jesu: “Peō ea hlaha ’me ea hōla e ba telele, hore na joang [molemi] ha a tsebe. Mobu o beha litholoana butle-butle, lekhasi la joang pele, e ntan’o ba hloohoana ea lehlaka, qetellong lithollo tse tletseng hloohoaneng.” (Mar. 4:27, 28) Khōlo e joalo e etsahala butle-butle. Ha e le hantle, ’moleli e mong le e mong oa ’Muso ha a tsebe hore na seo se ka ’na sa etsahala joang. Kahoo, tsoela pele u jala peō ka bongata. U ka ’na ua kotula haholo.

Hape u se ke ua lebala hore thapelo ke ea bohlokoa. Georgina le Christine ba ile ba lula ba rapela Jehova. Haeba u ‘phehella thapelong’ ’me u sa felloe ke tšepo, “ka mor’a matsatsi a mangata,” u ka ’na ua boela ua fumana “bohobe” boo u bo lahletseng holim’a metsi.—Bar. 12:12; Moek. 11:1.