Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KE’NG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona

2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona

SEO E LENG SA BOHLOKOA

Letsatsi le letsatsi batho ba bangata ba sokola ho fumana lintho tseo ba li hlokang. Ka masoabi, mathata a etsahalang mona lefatšeng a ka etsa hore seo se be thata le ho feta. Hobane’ng?

  • Ha ho e-na le mathata sebakeng se itseng, theko ea lintho tse kang lijo le bolulo e ea phahama.

  • Mathata a ka etsa hore batho ba lahleheloe ke mosebetsi le hore ba fumane chelete e nyenyane.

  • Likoluoa li ka etsa hore batho ba lahleheloe ke likhoebo, matlo le lintho tse ling tseo ba nang le tsona ’me sena se ka etsa hore ba sotlehe.

Seo U Lokelang ho se Tseba

  • Haeba u sebelisa chelete ea hao ka bohlale, u tla khona ho mamella mathata.

  • Hopola hore mokholo oa hao, chelete eo u e bolokileng le lintho tse ling tseo u nang le tsona li ka lahleheloa ke boleng ba tsona.

  • Ho na le lintho tseo chelete e ke keng ea li reka tse kang thabo le lelapa le momahaneng.

Seo U ka se Etsang Hona Joale

Seo Bibele e se buang: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”​—1 Timothea 6:8.

Ha u khotsofalla lintho tseo u nang le tsona u oa thaba. Sena se bohlokoa haholo haeba u e-na le chelete e nyenyane.

E le hore u khotsofale, u lokela ho ithuta ho sebelisa chelete e nyenyane. Haeba u leka ho reka lintho tseo u ke keng oa khona ho li patalla, u tla ba le mathata a mangata.