Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U KA ETSA’NG HORE U THABE?

E-ba le Tšepo

E-ba le Tšepo

“[Ke na le] menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.”​Jeremia 29:11.

Buka ea Hope in the Age of Anxiety e re: “HO BA LE TŠEPO HO RE THUSA HORE RE LULE RE PHETSE HANTLE. Hape ha re na le tšepo re ke ke ra lula re tšohile, ra utloa re se na thuso kapa ra itšehla thajana.”

Bibele e bontša hore re lokela ho ba le tšepo. Empa e re eletsa hore re se ke ra tšepa ntat’a selala. Pesaleme ea 146:3 e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” Kahoo, Bibele e re khothalletsa ho tšepa Molimo ho e-na le ho tšepa batho hobane Molimo o na le matla a ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. Re tl’o ithuta ka tse ling tsa lintho tseo a re tšepisitseng tsona.

MOLIMO O TLA FELISA BATHO BA KHOPO, EBE BATHO BA LOKILENG BA PHELA KA KHOTSO: Pesaleme ea 37:10, 11 e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Temana ea 29 eona e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”

LINTOA LI TLA FELA: “Jehova . . . o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo.”​—Pesaleme ea 46:8, 9.

BATHO HA BA SA TLA HLOLA BA KULA, BA UTLOA BOHLOKO KAPA BA SHOA: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.

LIJO LI TLA BAPALA BANA: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”​—Pesaleme ea 72:16.

LEFATŠE LE TLA BUSOA KE MORENA A LE MONG, E LENG JESU KRESTE: “[Jesu Kreste] a fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.”​—Daniele 7:14.

Na Molimo o tla hle a phethahatse litšepiso tsee? Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša ka ho hlaka hore oa tšoaneleha ho busa batho. O ile a folisa bakuli, a fepa mafutsana a ba a tsosa bafu. O ile a boela a ruta lithuto tsa bohlokoa haholo tse tla thusa batho bohle hore ba phele ka ho sa feleng ba thabile ba bile ba momahane. Hape o ile a bolela lintho tse neng li tla etsahala ka moso tse bontšang hore lefatše le haufi le ho fela.

HA E SHOA, EA RAHA

Jesu o ile a re mehleng ea bofelo ho tla ba le mathata a mangata haholo. A re ho tla ba le lintoa, likhaello tsa lijo, mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11; Tšenolo 6:3-8) A boela a re: “Ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.”​—Matheu 24:12.

Ho na le lintho tse ngata tse boletsoeng ka Bibeleng tse bontšang hore batho ba bangata ha ba sa na lerato. Lengolo la 2 Timothea 3:1-5 le re “matsatsing a ho qetela” batho e tla ba baithati, ba tla rata chelete le menate haholo. Lengolo leo le tsoela pele ho re batho ba tla ikhohomosa hape ba be bohale haholo. Hape litho tsa malapa li ke ke tsa ratana. Bana le bona ba tla tella batsoali. Batho ba bangata e tla ba baikaketsi, ba bolele hore ba rata Molimo empa liketso tsa bona li ba latola bosehla.

Lintho tsena lia bontša hore lefatše le haufi le ho fela. Hape lia bontša hore ’Muso oa Molimo o se o le haufi le ho busa lefatše. Jesu o ile a boela a bua ka ntho e ’ngoe hape e tla etsahala mehleng ea bofelo. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Litaba tseo li boleloa ka sepheo sa ho lemosa batho ba khopo hore ba khutle litseleng tsa bona, le ho thusa batho ba lokileng ho ba le tšepo ea hore Molimo o tla fela a phethahatse litšepiso tsohle tsa hae. Na u ka rata ho ithuta haholoanyane ka litšepiso tseo? Haeba u ka rata, re kopa hore u shebe sehlooho se hlahlamang makasineng ena.