Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela Hamonate

Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela Hamonate

U batla ho phela bophelo bo joang? Ha ho pelaelo hore le uena joaloka batho ba bangata u batla hore lelapa la hao le atlehe, le phele hamonate, le lule le thabile, le sa kule le bile le e-na le khotso.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba sa na tšepo ea hore ba tla ke ba phele bophelo boo ba bo batlang. Ka mohlala, ho ba le lintho tse etsahalang ka tšohanyetso ’me li ama tsela eo batho ba phelang ka eona hampe. E ’ngoe ea tsona ke Coronavirus, e entse hore batho ba futsanehe ’me e bolaile batho ba bangata. Sena se entse hore batho ba ikutloe eka ha ho mohla ba tla ke ba phele hamonate.

Ka lebaka la ho feto-fetoha ha maemo, batho ba ikemiselitse ho batla ntho e tla ba thusa hore ba lule ba thabile. Ba bang ba nahana hore ba tla lula ba thabile hobane Molimo o rerile esale pele hore na ba tla phela joang. Ba bangata ba ea liunivesithi, ba batla ho ba barui e le ha ba nahana hore lintho tsena li ka etsa hore ba fumane seo ba se batlang. Ba bang ba nahana hore ho ba motho ea lokileng, ke eona ntho eo ba e hlokang e le hore ba phele hamonate.

Na har’a lintho tsee ho na le e ka u thusang hore u phele bophelo boo u bo batlang? E le hore u fumane karabo u lokela ho nahana ka lipotso tsena:

  • U ka tseba bokamoso ba hao joang?

  • Na thuto e phahameng le ho ba le chelete li ka etsa hore u phele hamonate?

  • Na ho ba motho ea lokileng ho ka etsa hore u phele hamonate?

  • Ke’ng e ka u thusang hore u lule u thabile bophelong?

Makasine ena ea MOLULA-QHOOA e ka u thusa hore u fumane likarabo tsa lipotso tsena.