Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hantle ho na le Phapang Efe Pakeng Tsa Molimo le Jesu?

Hantle ho na le Phapang Efe Pakeng Tsa Molimo le Jesu?

Batho ba rapela melimo e mengata, empa ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete. (Johanne 17:3) Ke “Ea Holimo-limo,” ’Mopi oa lintho tsohle, ea re fileng bophelo. Ke eena feela ea lokelang ho rapeloa.​—Daniele 7:​18; Tšenolo 4:11.

Molimo ke Mang?

Qalong ka Bibeleng lebitso la Molimo le ne le hlaha ha 7 000

JEHOVA ke lebitso la Molimo

MORENA MOLIMO NTATE ke litlotla tsa Jehova

Na Molimo o na le Lebitso? O re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Lebitso lena la hae le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng. Empa liphetolelo tsa Bibele tse ngata li etsa phoso ea ho ngola tlotla moo ho lokelang ho hlahe lebitso, ka linako tse ling li mo bitsa “Morena.” Molimo o batla hore u be metsoalle oa hae ebile o re re “ipiletse lebitsong la hae.”​—Pesaleme ea 105:1.

Litlotla Tsa Jehova. Ka Bibeleng ho sebelisitsoe litlotla tse ngata tsa Jehova tse kang “Molimo,” “ea Matla ’Ohle,” “’Mopi,” “Ntate” le “Morena.” Le lithapelong tse ngata tse ka Bibeleng ho sebelisitsoe litlotla tsa hae le lebitso la hae, e leng Jehova.​—Daniele 9:4.

Molimo o Joang? Molimo ke moea. (Johanne 4:​24) Bibele e re: “Ha ho motho ea boneng Molimo.” (Johanne 1:​18) E boetse hape e re joetsa ka tsela eo a ikutloang ka eona, e re re ka mo utloisa bohloko kapa ra “thabisa pelo ea hae.”​—Liproverbia 27:​11; Pesaleme ea 78:​40, 41.

Makhabane a Molimo. Molimo ha a leeme, o tšoara batho ba mefuta eohle le ba litso tsohle ka toka. (Liketso 10:​34, 35) Ke “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:​6, 7) O na le makhabane a mangata empa ho na le a mane a ka holimo-limo e leng:

Matla. Kaha ke Molimo ea “Matla ’Ohle” a ka khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea re tšepisitseng eona.​—Genese 17:1.

Bohlale. Ha ho na motho ea bohlale joaloka Molimo ebile Bibele e re ke ea “bohlale a le mong.”​—Baroma 16:27.

Toka. Molimo o lula a nepile kamehla. liketso tsa hae li “phethahetse” ebile ke Molimo “eo ho eena ho se nang ho hloka toka.”​—Deuteronoma 32:4.

Lerato. Bibele e re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ha a bontše lerato feela empa ka boeena ke Lerato ’me ke lona le mo susumetsang ha a etsa lintho tsohle. Lerato la hae le re ruisa molemo haholo.

Molimo e ka ba Motsoalle oa Rona. Ke ntate oa rona ea lerato, ha re lumela ho eena re tla ba metsoalle ea hae. (Matheu 6:9; Pesaleme ea 25:​14) O re re mo rapele re be re ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a rona ho eena, hobane oa re tsotella.’​—1 Petrose 5:7; Jakobo 4:8.

Na ho na le Phapang Pakeng Tsa Molimo le Jesu?

Molimo le Jesu ha se Ntho e le ’Ngoe. Jesu o bopiloe ke Molimo, kahoo re ke ke ra re baa lekana. Empa oa ikhetha hobane ke eena feela ea bopiloeng ka ho toba ke Molimo. Ke kahoo Bibele e reng ke mora oa Molimo. (Johanne 1:​14) Ka mor’a hore Molimo a bope Jesu, o ile a mo sebelisa e le “mosebetsi ea hloahloa” hore a bope lintho tsohle.​—Liproverbia 8:​30, 31; Bakolose 1:​15, 16.

Ha ho na mohlang Jesu a kileng a re ke Molimo. Ho fapana le hoo o re: “Ke moemeli ea tsoang ho [Molimo], ’me Eo o nthomile.” (Johanne 7:​29) Ha a ne a bua le e mong oa barutuoa ba hae, o ile a re: “[Molimo ke] Ntate le Ntat’a lona” hape ke “Molimo oa ka le Molimo oa lona.” (Johanne 20:​17) Ka mor’a hore Jehova a mo tsosetse leholimong o ile a mo fa bolaoli.​—Matheu 28:​18; Liketso 2:​32, 33.

Jesu Kreste a ka U Thusa Hore U be Motsoalle oa Molimo

Jesu o ile a tlela lefatšeng ho tla re ruta ka Jehova. Jehova o ile a re ka Jesu: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang; mo mameleng.” (Mareka 9:7) Ha ho na motho ea tsebang Molimo hantle ho feta Jesu, ke kahoo a reng: “Ha ho ea tsebang hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.”​—Luka 10:22.

Jesu o na le makhabane a tšoanang le a Jehova hantle. Jesu o ile a bontša hore o na le makhabane a tšoanang le a ntate oa hae hantle ke kahoo a ileng a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Jesu o ile a thusa batho hore e be metsoalle ea Molimo kaha o ne a bua ebile a etsa lintho tse tšoanang le tsa ntate oa hae. O ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) O ile a boela a re: “barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:​23) Nahana feela, Jehova o batla hore batho ba tšoanang le uena e be bahlanka ba hae le hore ba mo tsebe.