Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Phela le Bokooa ba Pono

Ho Phela le Bokooa ba Pono

“Pono ea ka e ile ea fokola haholo ha ke ne ke tšeloa moriana o matla oa mahlo ke sa le lesea. Ha ke le moroetsana, ke ile ka foufala ka ho feletseng ’me ka sithabela haholo maikutlong.”—Paqui, mosali e mocha eo monna oa hae a sa boneng.

BOKOOA ba pono bo ka bakoa ke lintho tse ngata, tse akarelletsang ho hlaheloa ke kotsi hammoho le mafu. Lintho tsena li ka ama mahlo, methapo ea mahlo kapa boko. Hangata batho ba sa boneng ba thatafalloa ke ho ikamohela, baa sithabela ’me ba ba le tšabo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ithuta ho sebetsana le boemo ba bona ’me ba thabele bophelo.

Mahlo a rōna ke ’ona a re thusang hore re ithute ka lintho tse teng lefatšeng. Kahoo, ha motho a sa bone, o thusoa feela ke litho tsa ho utloa, ho fofonela, ho ama le ho latsoa.

Ho latela makasine ea Scientific American, lipatlisiso tse entsoeng mabapi le hore boko bo ikamahanya le maemo, e bontša hore boko bo khona ho “fetoha ho latela nako eo motho a seng a e qetile a le boemong bo itseng.” Makasine ena e phaella ka ho re: “Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore ha setho se seng sa kutlo se le sieo, boko bo khona ho ikamahanya le maemo e le hore bo thuse le ho matlafatsa litho tse setseng.” Nahana ka mehlala e latelang.

Ho utloa: Ha motho a utloa mantsoe a batho kapa liqi, o iketsetsa setšoantšo sa se etsahalang. Fernando ea nang le bokooa ba pono o re: “Ke ithutile ho khetholla batho ka mantsoe a bona kapa ka tsela eo ba tsamaeang ka eona.” Juan, eo le eena a nang le bokooa ba pono o re: “Motho ea sa boneng o khetholla batho ka mantsoe a bona.” Joaloka motho e mong le e mong, motho ea sa boneng o utloa molumo oa lentsoe, e leng se mo thusang hore a tsebe hore na motho o ikutloa joang.

Ha motho ea sa boneng a se a ithutile melumo e fapaneng, seo se mo thusa hore a tsebe sebaka seo a leng ho sona, joaloka hore na sephethephethe se phallela nģa efe, hore na kamore e boholo bo bokae le hore na lintho tse ka mo sitisang li hokae.

Ho fofonela: Ho fofonela ho ka thusa motho ea sa boneng hore a ithute lintho tse itseng, empa eseng feela hore a tsebe hore na ho nkha eng. Ka mohlala, ha motho ea sa boneng a tsamaea tseleng e itseng, linko tsa hae li mo thusa hore a iketsetse setšoantšo sa hore sebaka seo a fetang ho sona se na le lishopo tse rekisang kofi, lireschorente, limmaraka le tse ling. Ho hlakile hore ho utloa melumo eo a e tloaetseng hammoho le ho ama, ho ka boela ha mo thusa hore a be le setšoantšo se hlakileng.

Ho ama: Francisco o re: “Menoana ea ka e nthusa hore ke bone.” Batho ba sa boneng ba boetse ba sebelisa melangoana hore ba bone tsela. Manasés, ea hlahileng a sa bone ’me a ithutile ho sebelisa molangoana a sa le monyenyane, o re: “Ke tseba hantle hore na ke hokae, ke thusoa ke litho tse ling tsa kutlo, lintho tseo ke li hopolang le ho phopholetsa tsela ka molangoana oa ka.”

Motho ea balang makasine ea Molula-Qhooa ka Braille

Ho ama ho ka boela ha thusa motho ea sa boneng hore a khone ho bala lingoliloeng tse ngotsoeng ka mongolo oa Braille. Ha e le hantle, kajeno ho tloaelehile hore motho ea sa boneng a fumane boitsebiso bo ka mo thusang hore a ithute le hore a matlafatse kamano ea hae le Molimo. Boitsebiso bona bo ka fumanoa ho lingoliloeng tsa Braille, likhatisong tse rekotiloeng le likhatisong tse fumanoang k’homphieutheng. Li thusa batho ba sa boneng hore ba bale Bibele le likhatiso tse ling tse thusang batho ho ithuta Bibele. *

Paqui le monna oa hae, bao re buileng ka bona qalong ea sehlooho sena ba matlafalitsoe ke likhatiso tseo ’me li ba thusitse hore ba be le tšepo. Ba boetse ba tšehetsoa ke lelapa le leholo, e leng phutheho ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa habo bona. Paqui o re: “Re se re phela bophelo bo nang le morero ’me re khona ho iketsetsa lintho tse itseng.”

Ke ’nete hore ho se bone ho ka baka mathata a itseng. Empa hoa thabisa hore ebe ’mele oa motho o khona ho ikamahanya le maemo e le hore a tsebe ho sebetsana ka katleho le mathata ao ’me a thabele bophelo.

^ ser. 10 Lipaki Tsa Jehova li etsa likhatiso tsa Braille tse thusang batho ho ithuta Bibele ka lipuo tse fetang 25.