Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LITŠOANTŠO TSA MEHLENG EA KHALE

Galileo

Galileo

Pakeng tsa lekholo la bo14 le la bo16 la lilemo, bo-rasaense ba Europe le bo-rafilosofi, ba ile ba qala ho utloisisa bokahohle ka tsela e hanyetsanang le seo Kereke e K’hatholike e neng e se ruta. Galileo Galilei ke e mong oa banna ba ileng ba qala ho hlahlobisisa leholimo.

PELE ho mehla ea Galileo, batho ba bangata ba ne ba lumela hore letsatsi, lipolanete le linaleli li potoloha lefatše. Tumelo eo e ne e le karolo ea lithuto tse molaong tsa Kereke e K’hatholike.

Leha ho le joalo, a sebelisa sebonela-hōle sa hae, Galileo o ile a fumana bopaki bo fapaneng le lithuto tsa saense tse neng li amoheloa hohle. Ka mohlala, ha a ntse a shebile matheba a matšo letsatsing, o ile a hlokomela hore letsatsi le potoloha tselaneng ea lona e sekameng. Litlhahlobo tse joalo li ile tsa eketsa tsebo ea motho ka bokahohle, empa li ne li tla baka khohlano pakeng tsa Galileo le Kereke e K’hatholike.

SAENSE LE BOLUMELI

Lilemo tse lekholo pele ho moo, setsebi sa linaleli sa Mopolishe e leng Nicolaus Copernicus, o ile a qapa thuto ea hore lefatše le potoloha letsatsi. Galileo o ile a hlahloba thuto ea Copernicus e mabapi le tsela eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ka eona ’me a bokella bopaki bo tsamaisanang le eona. Qalong, Galileo o ile a qeaqea ho phatlalatsa seo a neng a ithutile sona ka lebaka la ho tšaba ho songoa le ho khesoa. Empa o ile a qetella a phatlalalitse lintho tseo a li sibolotseng hobane a sitoa ho ithiba ho bua ka lintho tseo a li boneng ka sebonela-hōle sa hae. Bo-rasaense ba bang ba ne ba nahana hore lintho tseo a li sibolotseng li tla tsosa likhang ’me kapele feela baruti ba ile ba nyelisa Galileo lifaleng tsa bona.

Ka 1616, Cardinal Bellarmine, e leng “setsebi sa thuto ea bolumeli sa nako eo,” o ile a tsebisa Galileo ka taelo e ncha ea K’hatholike e khahlanong le lithuto tsa Copernicus. O ile a phehella Galileo hore a ikokobeletse taelo eo ’me ka mor’a moo Galileo a qeta lilemo a sa phehe khang phatlalatsa ea hore lefatše le potoloha letsatsi.

Ka 1623, Mopapa Urban VIII, e leng motsoalle oa Galileo, o ile a qala ho busa. Kahoo ka 1624, Galileo o ile a kōpa mopapa eo hore a hlakole taelo ea selemo sa 1616. Ho e-na le hoo, Urban o ile a kōpa Galileo ka tieo hore a hlalose lithuto tsa Copernicus le Aristotle a sa nke lehlakore.

Kahoo Galileo o ile a ngola buka e reng Dialogue on the Great World Systems. Le hoja mopapa a ile a laela Galileo hore a se nke lehlakore, buka ea hae e ne e lumellana le lithuto tsa Copernicus. Lira tsa Galileo li ile tsa bolela hore buka eo e ne e nyefola mopapa. Galileo o ile a qosoa ka hore ke mokhelohi a ba a tšosoa ka hore o tla hlokofatsoa, o ile a qobelloa ho latola lithuto tsa Copernicus. Ka 1633, Lekhotla la Roma le Otlang Bakhelohi, le ile la mo ahlolela ho lula ka tlung bophelo bohle ba hae ’me la thibela libuka tsa hae. Galileo o ile a shoela ntlong ea hae Arcetri, haufi le Florence, ka la 8 January, 1642.

Mopapa John Paul II o ile a lumela hore Kereke e K’hatholike e ile ea ahlola Galileo ka phoso

Ka lilemo tse makholo, libuka tse ling tsa Galileo li ile tsa kenngoa lethathamong la libuka tseo Mak’hatholike a sa lumelloang ho li bala. Empa ka 1979, kereke e ile ea hlahloba bocha qeto e ileng ea etsoa ke Lekhotla la Roma le Otlang Bakhelohi lilemo tse 300 pele ho moo. Qetellong ka 1992, Mopapa John Paul II o ile a lumela hore Kereke e K’hatholike e ile ea ahlola Galileo ka phoso.