Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LI ENTSOE?

Litelu Tsa Katse

Litelu Tsa Katse

LlKATSE tsa lapeng hangata li tsamaea bosiu. Litelu tsa tsona li li thusa hore li tsebe moo phofu ea tsona e leng teng le ho e tšoara, haholo-holo ha letsatsi le likela.

Ak’u Nahane: Litelu tsa katse li letlalong le nang le methapo ea kutlo e mengata. Methapo ena ea kutlo e utloa esita le moea o fokang hasesaane. Kahoo, likatse tsena li khona ho tseba moo phofu ea tsona e leng teng le hoja e sa li bone, e leng ntho e li thusang haholo ha ho le lefifi.

Likatse li sebelisa litelu ha li tsoma ho lekanyetsa hore na phofu ea tsona e hokae le ho utloa ha e sisinyeha. Litelu tsa eona li boetse li li thusa ho lekanya bophara ba lesoba la ntho e itseng pele li leka ho kena ka ho lona. Encyclopædia Britannica e re “batho ba ntse ba sa utloisise ka ho feletseng hore na litelu tsa katse li sebetsa joang; leha ho le joalo, hoa tsebahala hore ha li ka kutoa, seo se ka e thatafaletsa bophelo.”

Bo-rasaense ba entse liroboto tse kentsoeng lisebelisoa tse sebetsang joaloka litelu tsa katse ho li thusa hore li qobe litšitiso. Ali Javey, ea sebetsang lefapheng la bo-rasaense Univesithing ea California, Berkeley, o re: Lisebelisoa tsena tse bitsoang e-whiskers, “li lokela ho sebetsa hantle e le hore li ka sebelisoa ha ho etsoa liroboto tse tsoetseng pele, liroboto tse laoloang ke batho le thutong ea baeloji.”

U nahana’ng ka see? Na litelu tsa katse li bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na li entsoe?