Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Ho Thuisa

Ho Thuisa

Ho thuisa ke ho etsa’ng?

“Ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.”—Pesaleme ea 77:12.

SEO BATHO BA SE BUANG

Ho na le litsela tse ngata tsa ho thuisa, ’me boholo ba tsona bo simolohile malumeling a boholo-holo a linaha tsa Bochabela. Mongoli e mong ha a bua ka taba ena o ile a re, “Ha ua lokela ho nahana ka letho e le hore u bone lintho ka ho hlaka.” Mantsoe a hae a hatisa taba ea hore ha motho a sa nahane ka letho ha a tsepamisitse maikutlo mantsoeng kapa litšoantšong tse itseng, seo se etsa hore a be le khutso le hore a nahane lintho ka tsela e hlakileng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e bontša hore ho thuisa ke habohlokoa haholo. (1 Timothea 4:15, NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Leha ho le joalo, ho thuisa hoo e ho khothalletsang hase ho hlokang hore motho a se ke a nahana ka letho kapa a phetha-phete mantsoe joalokaha Mahindu le Mabuddha a etsa ha a thuisa. Ho e-na le hoo, ho thuisa hoo Bibele e ho khothalletsang ho akarelletsa ho nahana ka botebo ka lintho tse hahang tse kang botho ba Molimo, melao ea hae le pōpo. Mohlanka ea tšepahalang oa Molimo o ile a rapela a re: “Ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.” (Pesaleme ea 143:5) O ile a boela a re: “Ha ke u hopotse liphateng tsa ka, ke thuisa ka uena nakong ea litebelo tsa bosiu.”—Pesaleme ea 63:6.

 Ho thuisa ho ka u tsoela molemo joang?

“Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.”—Liproverbia 15:28.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ho thuisa ka botebo ho ntlafatsa botho ba rōna, ho re thusa ho laola maikutlo a rōna le ho itšoara hantle—e leng lintho tse tla re thusa hore re bontše temoho le kutloisiso lipuong tsa rōna le boitšoarong ba rōna. (Liproverbia 16:23) Kahoo, ho thuisa ka tsela eo ho boetse ho etsa hore motho a phele bophelo bo thabisang le bo nang le morero. Ha e bua ka motho ea thuisang ka lentsoe la Molimo kamehla, Pesaleme ea 1:3 e re: “O tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona, le seo makhasi a sona a sa poneng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”

Ho thuisa ho boetse ho ntlafatsa tsela eo re utloisisang lintho ka eona le ho li hopola. Ka mohlala, ha re ithuta ka karolo e itseng ea pōpo kapa ka taba e ’ngoe e thehiloeng Bibeleng, seo se re thusa hore re ithute lintho tse ngata tsa bohlokoa. Empa ha re thuisa ka tsona, re bona kamoo li amanang kateng le tseo re ithutileng tsona nakong e fetileng. Feela joalokaha ’metli oa mapolanka a ka etsa mohaho o motle ka lepolanka, ho thuisa ho etsa hore re “kopanye” lintlha ka tsela e tla etsa hore li re hlakele.

Na re lokela ho laola tsela eo re thuisang ka eona?

“Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?”Jeremia 17:9.

SEO BIBELE E SE BUANG

“Etsoe ka hare, ka lipelong tsa batho, ho hlaha menahano e kotsi, bohlola, bosholu, lipolao, bofebe, ho chacheha ka mohono, liketso tsa bokhopo, thetso, boitšoaro bo hlephileng, leihlo le mohono, . . . ho se be le kahlolo e molemo.” (Mareka 7:21, 22) Ka sebele, joaloka mollo ho thuisa ho lokela ho laoloa! Ho seng joalo, menahano e sa lokang e ka hōlisa litakatso tse kotsi ka hare ho rōna, tse ka ’nang tsa tsoa taolong ’me ra qetella re entse liketso tse mpe.—Jakobo 1:14, 15.

Ke ka lebaka leo Bibele e re khothalletsang hore re thuise ka ‘lintho life kapa life tsa ’nete, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso.’ (Bafilipi 4:8, 9; NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ha re jala menahano e joalo ka likelellong tsa rōna, re tla ba le litšobotsi tse ntle, re bue ka tsela e mosa ’me re be le kamano e ntle le batho ba bang.—Bakolose 4:6.