Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LINAHA LE BATHO

Ho Etela El Salvador

Ho Etela El Salvador

HOO e ka bang lilemo tse 500 tse fetileng ha Masepanishe a ne a fihla sebakeng seo hona joale se tsejoang e le El Salvador, e ne e le oona morabe o moholo motseng oo, kahoo ba o bitsa Cuscatlán—e leng lebitso le bolelang “Naha ea Liperela.” Kajeno, boholo ba batho ba El Salvador ke litloholo tsa matsoalloa a Europe le baahi ba teng.

Masalvador a tumme ka ho sebetsa ka thata le ho ba botsoalle. Hape ke batho ba hlomphang. Batho ba teng ba lumelisana ka tlhompho pele ba qoqa kapa ha ba kena ka lebenkeleng, hoseng ba re, “Buenos días” ’me motšehare ba re, “Buenas tardes.” Ha e le hantle, Masalvador a lulang mahaeng kapa metsaneng, ba ho nka e le ho hloka botho ho feta batho feela u sa ba lumelise.

Ho lema kofi ho phethile karolo e khōlō haholo historing ea El Salvador

Sejo se seng seo Masalvador a se ratang haholo ke pupusa—e leng sephaphatha se entsoeng ka poone (kapa raese) se kentsoeng chisi le linaoa, hammoho le nama ea fariki kapa lijelello tse ling. Hangata li-pupusa li jelelloa ka tamatisose le curtido—e leng k’habeche e tsoakiloeng le lihoete, eiee le asene e tšetsoeng linōko. Le hoja batho ba bang ba ja li-pupusa ka thipa le fereko, mokhoa o tloaelehileng ke oa ho li ja ka letsoho.

Pupusa ke se seng sa lijo tse ratoang haholo El Salvador

Phororo ea Los Tercios, Suchitoto

 NA U NE U TSEBA? El Salvador e tsebahala ka ho foqoha seretse se chesang. Ho na le lithaba tse fetang 20 tse foqohang seretse se chesang, ’me tse ling tsa tsona li lula li foqoha seretse. Phororo ea Los Tercios e phorosela holim’a mafika a hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang.

Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang 38 000 El Salvador, ’me li liphuthehong tse ka bang 700. Li ruta batho ba ka bang 43 000 Bibele ka Sepanishe, Senyesemane le ka Puo ea Matsoho ea El Salvador.