Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | FENG-LING YANG

Setsebi sa Lintho Tse Phelang Tse Nyenyane Haholo se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Lintho Tse Phelang Tse Nyenyane Haholo se Hlalosa Tumelo ea Sona

Feng-Ling Yang, ke motlatsi oa mofuputsi ea ka sehloohong setsing sa ho etsa lipatlisiso Taipei, Taiwan. Mosebetsi oa hae o phatlalalitsoe likoranteng tsa saense. O ne a lumela thutong ea ho iphetola ha lintho. Empa o ile a fetola maikutlo. Tsoha! e ile ea mo botsa ka litaba tsa saense le tumelo ea hae.

Re bolelle tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.

Batsoali ba ka ba ne ba futsanehile haholo, ebile ’mè oa ka o ne a sa tsebe ho bala. Re ne re ruile likolobe ’me re lema meroho phuleng e neng e atisa ho ba le meroallo, e haufi le toropo ea Taipei. Batsoali ba ka ba ile ba nthuta bohlokoa ba ho sebetsa ka thata le ho thusa batho ba bang.

Na heno le ne le le bolumeling bo itseng?

E, re ne re le bolumeling ba Botao. Re ne re etsetsa “Molimo oa Leholimo” mahlabelo, empa re sa tsebe letho ka eena. Ke ne ke atisa ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko? Ke hobane’ng ha batho e le baithati?’ Ke ile ka bala libuka tse buang ka Botao le Bobuddha le tse buang ka histori ea linaha tsa Bochabela le Bophirimela. Ka ba ka ea likerekeng tse ’maloa. Empa ke ne ke sa fumane likarabo tsa lipotso tsa ka.

Ke hobane’ng ha u ile ua ithuta saense?

Ke ne ke rata thuto ea lipalo ’me ke hlolloa ke kamoo melao ea saense e laolang tsela eo lintho li bōpehileng ka eona. Sebōpeho sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e akarelletsang bokahohle bo boholo le lintho tse nyenyane haholo tse phelang, se laoloa ke melao e itseng. ’Me ke ne ke batla ho utloisisa melao eo.

Ke hobane’ng ha u ne u lumela hore thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete?

Ke eona feela ntho eo ke neng ke e rutiloe. Ke ile ka e rutoa ho tloha ha ke le sekolong sa sekondari ho fihlela ke ea univesithi. Hape, kaha ke ne ke etsa lipatlisiso ka lintho tse amanang le saense ea lintho tse phelang, ho ne ho lebeletsoe hore ke lumele thuto eo.

Kaha ke ne ke etsa lipatlisiso ka lintho tse amanang le saense ea lintho tse phelang, ho ne ho lebeletsoe hore ke lumele thuto ea ho iphetola ha lintho

Ke eng e ileng ea u susumelletsa hore u bale Bibele?

Ke ile ka fallela Jeremane ka 1996 ho ea ntšetsa pele lithuto tsa ka  tsa univesithi. Selemong se hlahlamang seo, ke ile ka kopana le ’mè e mong ea bitsoang Simone. E ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o ile a kōpa ho mpontša likarabo tsa lipotso tsa ka ka Bibeleng. Ke ne ke hloletsoe ha a mpolella hore Bibele e hlalosa hore na morero oa bophelo ke ofe. Ke ile ka qala ho tsoha metsotso e mashome a mararo ka mor’a hora ea bone hoseng ho hong le ho hong, e le hore ke qete hora ke bala Bibele. Ebe ke il’o otlolla maoto e le hore ke nahanisise ka seo ke se balileng. Selemong se latelang, ke ne ke se ke balile Bibele eohle. Ke ile ka khahloa ke ho nepahala ha boprofeta ba eona. ’Me hanyane ka hanyane ka kholiseha hore Bibele e tsoa ho Molimo.

U ne u nahana’ng ka qaleho ea bophelo?

Ha ke qala ho nahana ka ho teba ka taba ena qetellong ea bo-1990, litsebi tsa baeloji ea limolek’hule li ne li qala ho hlokomela hore tsela eo lik’hemik’hale li sebetsang ka eona linthong tse phelang, e rarahane ho feta kamoo li neng li nahana kateng. Ke ’nete hore ke khale bo-rasaense ba tseba hore liprotheine tse liseleng tse phelang, ke tsona tse rarahaneng ka ho fetisisa. Empa li ile tsa hlokomela hore liprotheine li hlophisitsoe ka tsela e hlollang. E ka ’na eaba likarolo tsa molek’hule li entsoe ka liprotheine tse fetang 50. Esita le lisele tse nyenyane ka ho fetisisa li hloka mefuta e fapaneng ea liprotheine—ka mohlala, ho fa lintho tse phelang matla, ho li thusa ho hopola lintho le ho laola limolek’hule tse kenang le tse tsoang ka seleng.

U ile ua etsa qeto efe?

Ke ile ka ipotsa, ‘Ho tla joang hore mefuta eo ea liprotheine e khone ho sebetsa ka tsela e hlollang hakaale?’ Ka nako eo, bo-rasaense ba bangata ba ne ba ipotsa potso e tšoanang ha ba hlokomela kamoo lik’hemik’hale li sebetsang ka tsela e rarahaneng kateng ka har’a sele. Moprofesa oa United States oa bongaka ba lintho tse phelang, o ile a ngola buka e bontšang hore limolek’hule tse ka har’a lisele li rarahane haholo hoo ho ke keng ha etsahala hore ebe li itlhahetse feela. Ke ile ka lumellana le eena. Ka nahana hore e tlameha ebe ho na le motho ea bōpileng lintho tsohle.

Ke ile ka ipotsa, ‘Ho tla joang hore mefuta eo ea liprotheine e khone ho sebetsa ka tsela e hlollang hakaale?’

Ke hobane’ng ha u ile ua ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

Ke ne ke khahloa ke hore le hoja Simone a ne a kula, o ne a tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 56 beke le beke, hore a tl’o nthuta Bibele. Hape ke ile ka ithuta hore nakong ea Bonazi Jeremane, Lipaki tse ling li ile tsa kenngoa likampong tsa mahloriso ka lebaka la ho se nke lehlakore lipolotiking. Ke ile ka khahloa haholo ke sebete sa tsona. Tsela eo Lipaki li ratang Molimo ka eona, e ile ea etsa hore le ’na ke batle ho tšoana le tsona.

Na ho lumela ho Molimo ho u tsoetse molemo?

Basebetsi-’moho le ’na ba re hona joale ke thabile haholoanyane. Ke ne ke atisa ho ikutloa ke le mosesaane hobane ke hōletse lelapeng le futsanehileng, ho ne ho se mohla ke buang ka batsoali ba ka le hore na ke hōletse hokae. Empa ke ithutile ka Bibeleng hore Molimo ha a amehe ka hore na motho o na le boemo bofe sechabeng. Ha e le hantle, e ka ’na eaba Jesu o hōliselitsoe lelapeng le futsanehileng joaloka leso. Hona joale ke hlokomela batsoali ba ka, ’me ke thabela ho ba tsebisa metsoalle ea ka.