Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kōpa Thuso

Kōpa Thuso

Kōpa thuso ho beng ka uena le ho metsoalle eo u e tšepang

“Re na le metsoalle e ratehang phuthehong ea rōna. E re bontša lerato ’me ea re tšehetsa. Ekare ke litho tsa lelapa la rōna.”—LIZAAN, ’MÈ EA SE NANG MOLEKANE EA NANG LE BANA BA BABELI BA LILEMONG TSA BOCHA.

Bothata.

Alina, e leng ’mè oa bashemane ba babeli o re: “Bothata bo boholo boo ke nang le bona, ke ba ho khathala le ho lula ke hloka nako.” Boemo ba Alina bo tloaelehile ho bo-’mè ba se nang balekane. Ke kahoo batsoali ba bangata ba se nang balekane ba batlang batho ba tla ba tšehetsa, bao ba ka kōpang thuso ho bona ba sa hlajoe ke lihlong.

Litlhahiso.

Kōpa thuso ho beng ka uena le ho metsoalle eo u e tšepang. Mohlomong u ka etsa lethathamo la batho bao u ka kōpang thuso ho bona, ebang u ba kōpa hore ba u salle le bana, ba u thuse ka sepalangoang, ba lokise lintho ka lapeng, kapa ba u khothatse. Etsa hore lethathamo leo le lule le e-na le boitsebiso ba morao-rao. Hape batla hore na ke thuso efe eo u ka e fumanang mekhatlong ea ’muso le ho e meng e ikemetseng.

Renata, e leng Paki ea Jehova, o ile a thusoa haholo ke Bakreste-’moho le eena. O re: “Ba lula ba ithaopela ho nthusa. Nakong eo ʼna le barali ba ka ba lilemo li robong re neng re tšoeroe ke sefuba, ke ne ke sa khone ho etsa lijo. Hang feela ha litho tsa phutheho li utloa ka seo, setho se seng sa phutheho se ne se re tlisetsa lijo kamehla.” Liketso tse joalo tse bontšang mosa, li re hopotsa mantsoe a Bibele a ho 1 Johanne 3:18 a reng: “Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.”

Na motsoali ea sa fuoang tokelo ea molao ea ho hlokomela bana a ka thusa? Haeba motsoali e mong, eo hangata e leng ntate, a fuoe tumello ea molao ea hore a ka bona bana ’me e le motho ea nang le boikarabelo ebile a ikemiselitse ho u thusa, u ka mo kōpa hore a u thuse ka lintho tse itseng. Ha e le hantle, bana ba lokela ho bona ntate oa bona. *

Ruta bana hore ba u thuse. Ha u fa bana ba hao mosebetsi o itseng oa ka lapeng ho latela lilemo tsa bona, seo se tla u thusa ’me le bona se ba tsoele molemo. Mosebetsi o ruta bana hore ba be le boikarabelo le hore e be likhothali, e leng ntho e tla ba tsoela molemo bophelong.

^ ser. 6 Maemong a joalo, batsoali ba Bakreste ba lokela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka hohle kamoo ba ka khonang ’me ba nahane ka se molemo ho bana ba bona. Qeto e entsoeng ke lekhotla e lokela ho hlomphuoa.