Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ahmad Gharabli/AFP via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

Na Lichaba li ka Ikopanya ho Hlola Koluoa ea ho Feto-fetoha ha Maemo a Leholimo?—Bibele e Re’ng?

Na Lichaba li ka Ikopanya ho Hlola Koluoa ea ho Feto-fetoha ha Maemo a Leholimo?—Bibele e Re’ng?

 Kopano ea COP27, United Nations Climate Change e ile ea fela ka Sontaha sa la 20 November 2022. Ho ile ha fihleloa tumellano ea hore linaha tse futsanehileng li fuoe chelete e le ho li thusa ho sebetsana le likoluoa tse bakoang ke ho feto-fetoha ha maemo a leholimo. Empa batho ba bangata ba ile ba hlokomela hore sena ha se fane ka tharollo ea moshoelella.

  •   “Ke thabetse qeto e entsoeng ea ho behella chelete ka thoko ho thusa ba anngoeng ke likoluoa. Empa rea tseba hore seo ha sea lekana. . . Lefatše la rona le tlokotsing e tšabehang.”—António Guterres e leng mongoli oa machaba a kopaneng.

  •   “Haufinyane maemo a leholimo a ka ’na a fetoha hampe haholo.”—Mopresidente oa mehleng oa Ireland e leng Mary Robinson hape e le Mokomishinara ea Phahameng oa Litokelo tsa Botho oa mehleng oa Machaba a Kopaneng, November 20, 2022.

 Bacha ba amehile haholo ka bokamoso ba lefatše lena. Leha ho le joalo, na lichaba li ka ikopanya ho phethahatsa tšepiso ea ho rarolla mathata a maemo a feto-fetohang a leholimo? Bibele e re’ng?

Na lichaba li tla ikopanya li be li atlehe?

 Bibele ea bontša hore ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba ho rarolla mathata a ho feto-fetoha ha boemo ba leholimo, lichaba li ka se rarolle bothata bona ka ho feletseng. Hlokomela mabaka ana a mabeli:

  •   “Lintho tse sothehileng li ke ke tsa otlolloa.”—Moeklesia 1:15.

     Tlhaloso: Mebuso ha ea phethahala hobane batho ba ne ba sa etsetsoa ho ipusa. (Jeremia 10:23) Leha lichaba li ka ikopanya, li ke ke tsa khona ho rarolla mathata a lefatše ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo li bo etsang.

  •   ‘Batho ba tla icheba bobona, ba rate chelete. . . e tla ba ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe.’—2 Timothea 3:2, 3.

     Tlhaloso: Bibele e ile ea hla ea bolela esale pele hore batho ba mehleng ea rona e tla ba ba ichebang bobona, ba sa batleng ho sebelisana ’moho molemong oa ba bang.

Lebaka la ho ba le tšepo

 Leha ho le joalo, bokamoso ba lefatše lena ha boa itšetleha ka litšepiso tsa mebuso ea batho. Molimo o fane ka ’musi ea loketseng e leng Jesu Kreste. Bibele ha e bua ka eena e re:

  •   “Puso e tla lula lehetleng la hae. O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang, Molimo ea Matla, Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.”—Esaia 9:6, naletsana.

 Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo kapa ’muso oa leholimo. (Matheu 6:10) O na le matla, bohlale le taba-tabelo ea ho hlokomela lefatše le batho ba phelang ho lona. (Pesaleme ea 72:12, 16) Tlas’a puso ea hae, ’muso ona oa leholimo o tla felisa “ba senyang lefatše” le ho lokisa tikoloho.—Tšenolo 11:18, naletsana; Esaia 35:1, 7.

 E le ho ithuta ka ho eketsehileng ka tharollo ea moshoelella ea tšenyo e entsoeng ke ho feto-fetoha ha maemo a leholimo, bala sehlooho se reng—“Climate Change and Our Future—What the Bible Says.” (“Bibele e Reng ka ho Feto-fetoha ha Maemo a Leholimo le Bokamoso ba Rona?”