Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Francesco Carta fotografo/Moment via Getty Images

Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jeoa ke Bolutu—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jeoa ke Bolutu—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Ho latela tlaleho ea lipatlisiso tse entsoeng likarolong tse fapaneng tsa lefatše, a hoo e ka bang motho a le mong ho ba bane o jeoa ke bolutu.

  •   Chido Mpemba, motlatsi oa molula-setulo oa World Health Organization’s Commission on Social Connection o re: “Ho ikarola ho batho ba bang ho ka ama motho e mong le e mong ho sa tsotellehe lilemo tsa hae kapa sebaka seo a phelang ho sona.”

 Ho fapana le seo batho ba bangata ba se lumelang, ho jeoa ke bolutu ha ho ame batho ba holileng lilemong feela. Ho ka ama le batho ba banyenyane, ba phetseng hantle, ba atlehileng le ba lenyalong. Ho ikarola ho batho ba bang le ho jeoa ke bolutu ho ka ba kotsi ’meleng ea rona le maikutlong.

  •   Dr. Vivek Murthy, U.S. surgeon general o re: “Ho jeoa ke bolutu ha se boikutlo feela bo bohloko”. O boetse o re: “Motho ea jeoang ke bolutu o kotsing ea ho shoa joaloka motho ea tsubang li cigarette tse 15 ka letsatsi.”

Seo Bibele e se rutang

 ’Mopi oa rona haa batle hore re ikarole ho batho ba bang. Haesale morero ao Molimo e le hore batho ba thabele botsoalle bo hahang.

  •   Molao-motheo oa Bibele: “Molimo o re: ‘Ha ho hotle hore monna a be mong.’”—Genese 2:18.

 Molimo o batla hore re be metsoalle ea hae. O re tšepisa hore o tla atamela ho rona haeba re etsa boiteko ba ho atamela ho eena.​—Jakobo 4:8.

  •   Molao-motheo oa Bibele: “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Molimo kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona.”​—Matheu 5:3.

 Molimo o batla hore re mo rapele re e-na le batho ba bang. Sena se re thusa hore re be batho ba thabileng.

  •   Molao-motheo oa Bibele: “A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa lintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana ’moho, . . . empa re khothatsane.”​—Baheberu 10:24, 25.

 Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka bohlokoa ba ho loantša ho jeoa ke bolutu, bala sehlooho se reng “Ho Jeoa ke Bolutu le Hoja ho E-na le Litsela Tse Ngata Tsa Puisano.”

a The Global State of Social Connections, by Meta and Gallup, 2023.