Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Comstock Images/Stockbyte via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

U Tla Khetha Mang? Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

U Tla Khetha Mang? Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Libekeng tse ’maloa tse tlang, linaha tse fapaneng lefatšeng li tla tšoara likhetho. Batho ba lokela ho etsa qeto ea bohlokoa ea hore na ba tla khetha mang.

 Bibele e re’ng ka taba ee?

Baeta-pele ba batho ba na le mefokolo

 Bibele e bua ka ntho eo baeta-pele ba batho ba sa khoneng ho e etsa.

  •   “Le se ke la tšepa likhosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa. Ha a khaotsa ho hema, o khutlela leroleng. Ho tloha ka nako eo, o khaotsa ho nahana.”—Pesaleme ea 146:3, 4, naletsana.

 Esita le baeta-pele ba ipabolang baa shoa qetellong. Ho feta moo, ha baa kholiseha hore na ba tlang ka mor’a bona ba tla tsoellisa pele mesebetsi ea bona e metle kapa che.—Moeklesia 2:18, 19.

 ’Nete ke hore Bibele e re batho ba ne ba sa etsetsoa ho ipusa.

  •   “Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

 Na ho na le motho ea ka busang hantle mehleng ee?

Moeta-pele ea khethiloeng ke Molimo

 Bibele e re hlalosetsa hore Molimo o khethile moeta-pele ea tšepahalang le eo ho ke keng ha e-ba le moeta-pele leha e le ofe ea ka tšoanang le eena e leng Jesu Kreste. (Pesaleme ea 2:6) Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo e leng ’muso o busang o le leholimong.—Matheu 6:10.

 Na u tla khetha hore Jesu e be moeta-pele oa hao? Bibele ea bontša hore na ke hobane’ng ha u lokela ho khetha ka nepo:

  •   “Hlomphang mora [Jesu Kreste], ho seng joalo Molimo o tla halefa ebe lea bolaoa, le tlosoa tseleng hobane o khona ho halefa kapele. Ho thaba bohle ba balehelang ho eena.”—Pesaleme ea 2:12.

 Ena ke nako ea hore u etse qeto. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore Jesu o qalile ho busa ka selemo sa 1914 le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka.—Daniele 2:44.

 Bala sehlooho se reng “Tšehetsa Bobusi ba Molimo Hona Joale” e le hore u ithute haholoanyane hore na u ka tšehetsa bobusi ba Jesu joang.