Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Lebokose le Lenyane le Tiisang Tumelo

Lebokose le Lenyane le Tiisang Tumelo

LA 1 SEPTEMBER 2020

 Hona joale Lipaki Tsa Jehova li fumana lingoliloeng le livideo ka marang-rang haholo ho feta pele. Empa likarolong tse ling tsa lefatše inthanete ke bothata. Bara ba bo rona ba bang ba lula moo inthanete e sokolisang kapa e leng sieo ho hang.

 Ho ntse ho le joalo, bara le barali ba bo rona ba bangata ba khona ho daonlouda lingoliloeng leha ba se na inthanete. Joang?

 Ba sebelisa JW Box e fuoang liphutheho tse libakeng tseo inthanete ea teng e sokolisang. Ke sesebelisoa se rekiloeng k’hamphining e fanang ka litšebeletso tsa marang-rang ’me lefapha la lik’homphieutha le Bethele la e hlopha hore e be le lingoliloeng le livideo tse hlahang ho jw.org. “Box” ka ’ngoe e bitsa chelete e ka etsang M1 200.

 Bara le barali ba bo rona ba khona ho hokela lifono kapa li-tablet tsa bona ho JW Box ebe ba daonlouda lingoliloeng le livideo. Le bao lifono kapa li-tablet tsa bona eleng tsa theko e tlaase kapa tsa khale ba ka khona ho hokela ho eona. Empa ha ele moo inthanete e le sieo, JW Box e nka lingoliloeng le livideo tsa morao-rao kae? Nako le nako ofisi ea lekala e romela li-flash tse nang le lingoliloeng le livideo tse hlahang jw.org tse ka kenngoang ho JW Box. Flash ka ’ngoe e ka ba M64.

 JW Box e thusitse bakreste-’moho le rona joang? Ntate Nathan ea lulang Democratic Republic of Congo o re: “Esale ke ntse ke leka ho daonlouda video ea ‘Ke Tšepile Uena, Jehova’ le ea Hopolang Mosali oa Lota empa ha ho mohla nkileng ka atleha. Hona joale se nka li daonlouda ka fonong eaka ebe re khona ho ruta bana ba rona.”

 Mora oa bo rona ea thusang liphutheho tse Nigeria ka JW Box o re: “Bara ba bo rona ba nka JW Box e le mpho e ikhethang e tsoang ho Jehova. Ba thabetse hore ba se ba ka daonlouda lingoliloeng le livideo tse tlas’a Teaching Toolbox.”

 Bara ba bo rona ba Afrika, Oceania le Amerika Boroa ba se ba rometsoe li JW Box tse ka holimo ho 1 700 ebile liphutheho tse ling tse ngata li ntse li tla e romelloa. Chelete ea ho reka lintho tsee kaofela e hlaha hokae? E nkuoa monehelong o fanoeng bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle oo ba bangata ba o romelang ka donate.isa4310.com. Re leboha haholo ka tšehetso ea lona.