Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Ho Hlokomela Liholo Tsa ’Muso

Ho Hlokomela Liholo Tsa ’Muso

LA 1 APRIL 2024

 Morali’abo rona Nicole ea lulang Colombia o re: “Ke rata holo ea rona ea ’Muso hobane ke moo ke khonang ho ba le bara le barali babo rona teng.” Na le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang?

 Lefatšeng lohle Lipaki Tsa Jehova li kopanela Liholong Tsa ’Muso tse ka bang 63 000. Liholo tsena tsa ’Muso li etsa ho fetang feela hore re rapele Molimo re sireletsehile. Mor’abo rona David ea lulang Colombia eo e leng pula-maliboho o re: “Liholo tsa rona tsa ’Muso li etsa hore molaetsa oo re o bolelang o khahle batho. Batho bao re ba memang libokeng baa hlolloa ha ba bona kamoo re tšoereng liholo tsena tsa rona tsa ’Muso kateng.” Sena ha se iketsahalle feela hobane re sebetsa ka thata ho hlokomela liholo tsena tsa rona tsa ’Muso. Empa re khona joang ho etsa see?

Ho Hlokomela Liholo Tsa ’Muso ho Etsoa Joang?

 Liphutheho tsohle tse sebelisang Holo ea ’Muso ke tsona tse lokelang ho e hlokomela. Sena se bolela hore bara le barali babo rona ba lokela ho lula ba hloekisa holo ea bona ea ’Muso. Ba boetse ba hlokomela holo ea bona ka hore ba etse lintho tse tla etsa hore e se ke ea senyeha kapele le ho lokisa lintho tse nyane tse senyehileng.

 Ho thusa liphutheho hore li hlokomele liholo tsa tsona tsa ’Muso, lefapha la kaho (LDC) le khetha bara babo rona ba tla ruta bahoeletsi ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso. Mor’abo rona ea rutang batho ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso o ikarabella Liholong Tsa ’Muso tse tšeletseng ho ea ho tse leshome. O boetse o etela liholo tsena tsa ’Muso ’me o ruta bahoeletsi hore na ba ka li hlokomela joang. Ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse tharo, mor’abo rona o hlahloba Liholo Tsa ’Muso ’me o sheba hore na ho na le lintho tse hlokang ho lokisoa kapa tse ka behang maphelo a batho kotsing.

Bara babo rona ba rutang ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso ba re thusa ho li boloka li le maemong a matle

 Kannete bara le barali babo rona ba ananela koetliso eo ba e fumanang ho bara babo rona ba rutang ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso. Ka mohlala, morali’abo rona Indhumathi ea lulang India o re: “Re thabetse koetliso eo re e fumaneng ea kamoo re ka bolokang liholo tsa rona li le maemong a matle kateng.” Mor’abo rona Evans ea lulang Kenya o re: “Re ile ra ithuta ho boloka chelete ka ho lokisa lintho tse senyehileng hanyane pele li ka baka mathata a maholo.”

Kamoo Litšenyehelo li Patalloang Kateng

 Ka selemo ho sebelisoa chelete e ngata a ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso le ho li lokisa, ho itšetlehiloe ka hore na holo eo e hokae, e na le nako e kae e le teng le hore na ke liphutheho tse kae tse e sebelisang. Feela re khona joang ho koala litšenyehelo tsee kaofela?

 Re ntša menehelo e le hore re tšehetse mosebetsi oa ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso. Mor’abo rona Alexander ea lulang Kazakhstan o re: “E meng ea menehelo e sebelisoa ho patalla inthanete le lintho tse ling tsa bohlokoa joaloka metsi le motlakase. Ha e meng ea eona e sebelisoa ho reka lintho tse kang li paper towel, li glove, lintho tse sebelisoang ha ho hloekisoa le pente.” Chelete e setseng e isoa monehelong oa mosebetsi oa lefatše lohle ho thusa liprojekeng tse kholo tsa ho lokisa meaho tse hlokang chelete e ngata.

Liprojeke Tse Kholo Tsa ho Lokisa Meaho

 Ha mosebetsi oa ho lokisa Liholo Tsa ’Muso o ka feta likhoeli tse peli kapa tse tharo ’me o batla chelete e ngata, baholo ba tla bua le mor’abo rona oa LDC ea ikarabellang ka ho ruta ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso. Haeba lefapha la LDC le lumella hore projeke eo e etsoe, ho sebelisoa chelete e tsoang monehelong oa mosebetsi oa lefatše lohle. Ka selemo sa tšebeletso sa 2023, ho ile ha etsoa liprojeke tse 8 793 ’me ho ile ha sebelisoa chelete e kaalo ka lidolara tse 76.6 milione. A re ke re shebeng liprojeke tse peli ho tsena.

 Naheng ea Angola, Holo ea ’Muso e nang le lilemo tse 15 e hahiloe e ne e na le mathata a mangata. Ka mohlala, ho ne ho lokela hore ho kenngoe lithapo tsa motlakase tse ncha, mabota a ne a petsohile ’me baahisani ba ne ba re metsi a tsoang holong a ne a kena majareteng a bona. Lefapha la LDC le ile la lumella hore projeke ena e etsoe ’me ho ile ha sebelisoa chelete e kaalo ka lidolara tse 9 285. Kannete baahisani ba ne ba thabile haholo ’me ba ne ba hlolletsoe ke tsela eo mosebetsi o entsoeng ka eona.

Holo ea ’Muso e lokisitsoeng naheng ea Angola

 Naheng ea Poland, marulelo a Holo ea ’Muso ea moo a ne a nela ’me ’mete o ne o senyehile hoo o ke keng oa khona ho lokisoa. Lefapha la LDC le ile la lumella projeke ea hore marulelo a lokisoe le hore ho kenngoe ’mete o mocha ’me ho ile ha sebelisoa chelete e kaalo ka lidolara tse 9 757. Sena se ne se tla etsa hore ho se ke ha hlokeha hore ho etsoe mosebetsi o moholo oa ho lokisa holo ena ea ’Muso ka lilemo tse ngata tse tlang.

Holo ea ’Muso e ntseng e lokisoa naheng ea Poland

Ho Lokisoa ha Liholo Tsa ’Muso ho Halaletsa Lebitso la Jehova

 Ho lokisoa ha Liholo Tsa ’Muso ha ho boloke menehelo feela empa ho boetse ho halaletsa lebitso la Jehova. Ka mohlala, mor’abo rona Shaun ea lulang Tonga o re: “Mosebetsi oa rona oa ho lokisa Liholo Tsa ’Muso o etsa hore re khone ho rapela Jehova ka har’a liholo tse hloekileng le tse hlophisehileng ’me sena se etsa hore batho ba khone ho rorisa lebitso la Jehova. Sena se etsa hore re be motlotlo ha re mema batho liholong tsa rona tsa ’Muso.”

U ka Thusa Joang?

 Kaofela ha rona re ka thusa ka hore re hloekise le ho hlokomela liholo tsa rona tsa ’Muso. Mor’abo rona Marino ea rutang ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso ea lulang Australia o re: “Kaofela ha rona re na le boikarabelo bo thabisang ba ho hlokomela liholo tsa rona tsa ’Muso. Ha re etsa joalo, re boloka menehelo ’me sena se etsa hore e sebelisoe moo e hlokoang haholo.”

 Mor’abo rona Joel ea lulang India o thabela ho hloekisa holo ea habo ea ’Muso. O re: “Ho sebetsa le bara babo rona ho etsa hore ke nahane ka se tla etsahala ha re se re le lefatšeng le lecha.” Morali’abo rona Nicole eo re buileng ka eena qalong o re: “Ha bara babo rona ba ne ba lokisa ntloana e lutlang, ke ile ka ba thusa ho koropa metsi a neng a le fatše. Le hoja ke ne ke sa lokisa bothata ke ile ka thusa ho qoba kotsi e neng e ka hlaha.”

 Haeba u ka rata ho thusa ha ho lokisoa holo ea heno ea ’Muso, ka kopo bua le baholo. U ka boela oa thusa ka ho fana ka monehelo ’me o tla sebelisoa ha ho lokisoa holo ea heno ea ’Muso kapa liholo tse ling lefatšeng lohle. U ka ntša monehelo o sebelisa mabokose a monehelo holong ea heno ea ’Muso kapa ho donate.isa4310.com. Kannete re ananela moea oa lona o motle oa ho fana.

Kaofela ha rona re ka thusa ho hlokomela liholo tsa rona tsa ’Muso

a Chelete eo ho buuoang ka eona sehloohong sena ke ea lidolara tsa Amerika.