Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Braille e Thusa Batho ba sa Boneng

Braille e Thusa Batho ba sa Boneng

LA 1 OCTOBER 2021

 Makasine ea Molula-Qhooa ea June 1, 1912 ea Senyesemane e ile ea re: “Mohlomong babali ba rona ba bangata ba tseba motho ea sa boneng. Batho ba sa boneng ba ka fumana lingoloa mahala . . . . E le hore ba ka khona ho li bala, lingoloa tsena li hatisitsoe ka litlhaku tseo ba ka khonang ho li tšoara.” Makasine ena e ile ea boela ea re: “Batho ba bangata ba sa boneng ba thabela molaetsa oa hore nakong e tlang ho tla ba le litlhohonolofatso tse ngata lefatšeng.”

 Ha mantsoe ana a ne a ngoloa, linaha tse fapaneng tse buang Senyesemane li ne li ngola braille ka litsela tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo Lipaki Tsa Jehova li ne li se li ruta batho molaetsa oa Bibele li sebelisa braille. Le hona joale re ntse re etsa joalo! Hona joale re etsa lingoloa tsa braille ka lipuo tse fetang 50. Lingoloa tsee li etsoa joang?

Tlhaku ea braille e ka ngoloa ho sebelisoa khutlo e le ’ngoe ho ea ho tse tšeletseng. Likhutlo tsena li ngoloa ka har’a foreimi e nang le mabokose a tšeletseng.

Ho Etsoa ha Lingoloa Tsa Braille

 Ntho ea pele eo re e etsang ke ho fetola mongolo hore o be ka litlhaku tsa braille. Mora oabo rona Michael Millen ea sebetsang lefapheng la Text Processing Services Patterson e New York o re: “Nakong e fetileng re ne re sebelisa software e entsoeng ke batho ba bang e le hore re ka fetolela lingoloa ka braille. Leha ho le joalo, re ne re sa khone ho e sebelisa bakeng sa lipuo tsohle tseo re neng re li hloka. Hona joale re sebelisa Watchtower Translation System, e re nolofalletsang ho etsa lingoloa tsa braille ka lipuo tse ngata. Ha ke lumele ho na le software e ’ngoe e khonang ho etsa sena.”

 Lingoloa tsa braille li fapane le lingoloa tse tloaelehileng hobane tsona li na le litlhaloso tsa litšoantšo. Ka mohlala, tlhaloso ea setšoantšo se ka ntle khatisong ea braille ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e re: “Monna o tsamaea tseleng e nang le limela tse ntle, maralla le lithaba.” Mora oabo rona Jamshed ea sa boneng eo e leng mohlanka ea sebeletsang le pula-maliboho o re: “Ke ananela litlhaloso tsena tsa litšoantšo haholo.”

 Ha lingoloa li se li fetoletsoe ka litlhaku tsa braille, li romeloa lekaleng moo li hatisoang teng. Ho sebelisoa pampiri e thata ho hatisa lingoloa tsena tsa braille e le hore sengoloa se se ke sa taboha kapa sa senyeha ha se ntse se sebelisoa hangata. Ka mor’a moo maqephe a sengoloa a kopangoa e le hore e be buka. Lingoloa tsena tsa braille li romeloa le lingoloa tse ling tse tloaelehileng tsa phutheho. Liposong tsa libaka tse ling, lintho tsa batho ba sa boneng li khona ho romeloa mahala. Re sebelisa mokhoa oo ha ho khoneha. Ka linako tse ling, lekala le ka hlophisa hore lingoloa li tsamaee kapele e le hore bara le barali babo rona ba sa boneng le ba sa boneng hantle ba ka fumana lingoloa tseo ba li hlokang bakeng sa liboka.

 Mosebetsi ona o hloka nako le chelete e ngata. Ka mohlala, moo lingoloa li hatisetsoang teng Wallkill e New York, ho etsa Libibele tse peli tsa braille ho nka nako e tšoanang le ha ho hatisoa Libibele tse 50 000 tsa mongolo o tloaelehileng. Bibele ea braille ea Senyesemane e arotsoe hore e be libuka tse 25. Chelete e hlokoang bakeng sa ho e etsa, e imenne ka makhetlo a 123 ho e sebelisoang bakeng sa ho etsa Bibele e tloaelehileng. Ho etsa feela makoko a libuka tsena tse 25 ho hloka chelete e ka bang M2 167.50.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane ea braille, e arotsoe ka libuka tse 25.

 Batho ba thusang ka ho etsa lingoloa tsa braille ba ikutloa joang ka mosebetsi oa bona? Morali oabo rona Nadia ea sebeletsang lekaleng la Afrika Boroa o re: “Bophelo ha bo bonolo ho bara babo rona ba sa boneng hantle le ba sa boneng ho hang, kahoo ke nka e le tlhohonolofatso ho etsa ho hong ho ba thusa. Ho hlakile hore Jehova o ba rata haholo.”

Bukana ea ho Ithuta ho Bala Braille

 Ho etsahala’ng ha motho ea sa boneng a sa tsebe ho bala braille? Lilemo tse ’maloa tse fetileng re ile ra lokolla bukana ea Learn to Read Braille, e leng bukana e nang le mongolo oa braille le o tloaelehileng. E etselitsoe hore motho ea bonang a e sebelise hammoho le motho ea sa boneng. Bukana ena ke karolo ea lithulusi tseo motho ea sa boneng a li sebelisang ha a ithuta ho ngola braille. Motho ea ithutang braille o sebelisa lithulusi tsena ho iketsetsa litlhaku tsa braille. Ho etsa joalo ho thusa motho enoa hore a khone ho khetholla litlhaku tsena le ho li hopola.

“Ha ke Khone ho Khaotsa ho li Bala”

 Bara le barali babo rona ba sa boneng le ba sa boneng hantle ba ruile molemo ofe lingoloeng tsee? Mora oabo rona Ernst ea lulang Haiti o ne a lula a ea libokeng empa a se na lingoloa tsa braille. Kahoo ha a ne a fana ka puo kapa a batla ho arabela, o ne a tlameha ho tšoara lintlha tsa hae ka hlooho. O re: “Hona joale ke khona ho arabela neng kapa neng. Ruri ke ikutloa ke momahane le bara le barali babo rona hobane kaofela re fumana likhothatso tse tšoanang tse tsoang ho Jehova.”

 Mora oabo rona Jan ea lulang Austria eo e leng moholo ea sa boneng hantle ea qhobang Thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Bibele ea Phutheho o re: “Lingoloa tsa rona tsa braille li hlakile haholo ho feta tse ling tseo nkileng ka li bala. Ka mohlala leqephe le leng le le leng le na le nomoro ea lona, ho bonolo ho fumana lintlha tse botlaaseng ba leqephe ’me ho na le litlhaloso tsa litšoantšo tse hlakileng.”

 Morali oabo rona Seon-ok ke pula-maliboho e lulang Korea Boroa, ha a bone ebile ha a utloe. Nakong e fetileng ha a ne a le libokeng o ne a hloka motho e mong ea tla mo hlalosetsa lintlha a sebelisa puo ea matsoho ea batho ba sa boneng le ba sa utloeng. Hona joale o se a khona ho ipalla a sebelisa braille. O re: “Ho thata ho bala lingoloa tse ling tsa braille hobane litlhaku tse ling ha lieo, mongolo oa teng o sekame kapa pampiri e sebelisitsoeng e tšesaane haholo. Lingoloa tsa Lipaki Tsa Jehova tsona li hatiselitsoe pampiring e thata e hlakisang litlhaku hantle ’me ho bonolo ho li bala.” O tsoela pele ho re: “Nakong e fetileng ke ne ke hloka motho e mong hore a nthuse ha ke bala lingoloa tsa Bibele empa hona joale ke khona ho ipalla. Ke thabisoa ke hore ke khona ho lokisetsa liboka le ho nka karalo ho tsona ka batlalo. Ke bala lingoloa tsa rona tsa braille kaofela. Ha ke khone ho khaotsa ho li bala.”

 Lingoloa tsa rona tsa braille le lingoloa tse tloaelehileng li na le mantsoe a reng: ‘Sengoloa sena ha se rekisoe. Ho hatisoa ha sona ke karolo ea mosebetsi oa ho ruta Bibele o etsoang lefatšeng lohle o tšehetsoang ka menehelo ea boithatelo.’ Rea leboha ka menehelo ea lona e ntšoang ka litsela tse fapaneng tse hlalositsoeng ho donate.isa4310.com. Ka lebaka la menehelo ea lona, lingoloa tsa Bibele li khona ho fumaneha bakeng sa batho bohle ho akarelletsa le ba sa boneng le ba sa boneng hantle.